Feta

Sehopotso sa Lefu la Jesu

Moqebelo wa di 12 April 2025

Hang ka selemo Dipaki Tsa Jehova di keteka Sehopotso sa lefu la Jesu jwalo ka ha a ile a laela ha a ne a re: “Le nne le etse tjena ho nkgopola.”—Luka 22:19.

Re o memela hore o be teng ketsahalong ena.

Dipotso Tse Botswang ke Babadi

Ketsahalo ee e tlo nka nako e kae?

Lenaneo lena le tlo nka nako e ka tlase ho hora.

Sehopotso se tla tshwarelwa hokae?

Bua le Dipaki Tsa Jehova ho fumana sebaka se haufi le wena.

Na ho patalwa tjhelete ha ho kenwa?

Tjhe.

Na ho ntshwa koleke?

Tjhe.

Ho aparwa jwang?

Ha hona tsela e kgethehileng eo re aparang ka yona, Dipaki Tsa Jehova di leka ho latela keletso ya Bibele ya hore re apare hantle le ka tsela e itlhomphang. (1 Timothea 2:⁠9) Ha ho hlokahale hore o apare diphahlo tse turu kapa tse majabajaba.

Ho etswa eng Sehopotsong?

Ho qalwa ka pina ho be ho qetellwe ka yona hape e mong wa Dipaki Tsa Jehova o tla rapela ha ho qalwa le ha ho qetellwa. Puo e thehilweng Bibeleng e tla bua ka bohlokwa ba lefu la Jesu le ka moo re ka ruang molemo ka teng ho seo Modimo le Jesu ba re etseditseng sona.

Sehopotso sa dilemo tse latelang se tla ba neng?

Moqebelo wa di 12 April 2025

Labone la di 2 April 2026