Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | PAOLA CHIOZZI

Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang se Hlalosa Tumelo ea Sona

Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang se Hlalosa Tumelo ea Sona

Dr. Paola Chiozzi, o sebelitse e le setsebi sa baeloji ea limolek’hule Universithing ea Ferrara, Italy ka lilemo tse fetang 20. Tsoha! e ile ea mo botsa ka litaba tsa saense le tumelo ea hae.

Re bolelle tsela eo u hōlisitsoeng ka eona.

Ntate o ne a lokisa lieta, ’Mè eena o ne a sebetsa polasing. Empa ’na ke ne ke batla ho ba rasaense. Lipalesa tse ntle, linonyana le likokoanyana tseo ke neng ke li bona, li ne li etsa hore ke hlolloe haholo. Ke ne ke hlokomela hore li entsoe ka bohlale bo phahametseng ba batho hōle.

Na esale u lumela hore ho na le ’Mōpi?

Che. Ha e le hantle, lipelaelo tsa ka ka Molimo li ile tsa qala ha ke sa le ngoana. Ntate o ile a bolaoa ke lefu la pelo ka tšohanyetso, kahoo ke ile ka ipotsa ka re, ‘Ke hobane’ng ha ’Mōpi oa lintho tse ntle hakaale a lumella lefu le mahlomola?’

Na thuto ea hao ea saense e ile ea u thusa ho fumana karabo?

Qalong ha hoa ka ha e-ba joalo. Ha ke se ke le setsebi sa baeloji ea limolek’hule ke ile ka ithuta ka lefu—ho shoa ha tlhaho ha lisele tsa ’mele ea rōna. Sena se fapane haholo le ho shoa ha lisele ho sa laoleheng ho bakang ho ruruha le mofetše. Ho fihlela lilemong tse seng kae tse fetileng, ke hona bo-rasaense ba ileng ba qala ho hlahloba ketsahalo ena, le hoja e le bohlokoa haholo bophelong ba rōna.

Ke ka litsela life ho shoa ha tlhaho ha lisele ho leng bohlokoa?

’Mele ea rōna e entsoe ka lisele tse nyenyane haholo tse libilione tse likete. Kaofela ha tsona li lokela ho shoa le ho nkeloa sebaka ke tse ling. Mofuta ka mong oa sele o na le nako e lekanyelitsoeng ea ho phela; tse ling li nkeloa sebaka ke tse ncha ka mor’a libeke tse seng kae, ’me tse ling ka mor’a lilemo tse seng kae. Ho shoa hona ha lisele, ho lokela ho etsahala ka tsela e laolehileng e le hore teka-tekano e be teng pakeng tsa lisele tse shoang le tse ncha.

 Ho ka etsahala’ng haeba lintho li sa etsahale ka tsela eo?

Liphuputso tse ling li bontša hore haeba lisele li sa shoe ka tsela eo li lokelang ho shoa ka eona, motho a ka tšoaroa ke ramatiki kapa kankere. Ka lehlakoreng le leng, haeba lisele li shoa pele ho nako, li ka baka boloetse ba Parkinson kapa ba Alzheimer. Liphuputso tseo ke li etsang li akarelletsa ho fumana mekhoa ea ho phekola maloetse ana.

Ho ithuta ha hao ka ho shoa ha lisele ho u amme joang?

Ho bua ’nete, ho ile ha mpherekanya. Ho totobetse hore ketsahalo ena e hlollang e entsoe ke motho ea batlang hore re phele hantle. Kahoo, ke ne ke ntse ke tsoela pele ho ipotsa hore na, Ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko le ho shoa? Ke ne ke sitoa ho fumana karabo.

Empa u ne u kholisehile hore ketsahalo ea ho shoa ha tlhaho ha lisele e entsoe.

E, ke ne ke kholisehile. Ketsahalo ena e rarahaneng ea makatsa, leha ho le joalo, e bontša bohlale bo ke keng ba lekanngoa. Ke lumela hore ke bohlale ba Molimo. Ke sebelisa li-microscope tse matla haholo e le hore ke hlahlobe litsela tse ngata tse rarahaneng tseo lik’hemik’hale li sebetsang ka eona ketsahalong ena. Lik’hemik’hale tse ling li ka etsa hore lisele li shoe ka metsotsoana feela haeba ho hlokahala. Lisele ka botsona li phetha karolo e itseng e le hore li shoe. Ketsahalo ena e entsoe hantle haholo hoo e hlollang e le kannete.

Kaha lisele tsa ’mele ea rōna li lula li nchafatsoa, ka sebele ho ka khoneha hore re phele ka ho sa feleng

U ne u e-na le lipotso ka Molimo le mahlomola. U ile ua fumana likarabo joang?

Ka 1991, bahlankana ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba fihla lapeng la ka, ’me ke ile ka ba botsa hore na ke hobane’ng ha re shoa. Ba ile ba mpontša karabo ea Bibele e reng: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe.” (Baroma 5:12) Haeba motho oa pele a ile a mamela Molimo, a ka be a ile a phela ka ho sa feleng. Ke ile ka elelloa kapele feela hore sena se lumellana le seo ke ithutileng sona phuputsong ea ka. Ha e le hantle, ke ile ka hlakeloa hore e ne e se morero oa Molimo hore batho ba shoe. Kaha lisele tsa ’mele ea rōna li lula li nchafatsoa, ka sebele ho ka khoneha hore re phele ka ho sa feleng.

Ke eng e ileng ea u kholisa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?

Ke ile ka ithuta seo Bibele e se buang ka Molimo ho Pesaleme ea 139:16, e reng: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” Kaha ke setsebi sa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang, ke ithutile ka boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso bo ngotsoeng liseleng tsa rōna. Ho tlile joang hore mopesaleme a tsebe ka boitsebiso boo bo ngotsoeng? Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta Bibele, ke ile ka kholiseha le ho feta hore e bululetsoe ke Molimo.

U ile ua thusoa joang hore u utloisise seo Bibele e se rutang?

Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea kōpa ho ithuta Bibele le ’na. Qetellong, ke ile ka ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola. Ke ile ka boela ka ithuta hore, feela joalokaha Bibele e bolela, Molimo o rera ho “metsa lefu ka ho sa feleng.” (Esaia 25:8) Ho tla ba bonolo hore ’Mōpi oa rōna a etse hore tsamaiso e hlollang ea ’mele oa rōna e sebetse ka ho phethahetseng e le hore re ka thabela ho phela ka ho sa feleng.

U sebelisitse tsebo ea Bibele eo u nang le eona joang hore u thuse batho ba bang?

Ke ile ka ba Paki ea Jehova ka 1995, ’me ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho bolella batho ba bang lintho tseo ke ithutileng tsona ka Bibeleng. Ka mohlala, mosebetsi-’moho le ’na o ne a sithabetse haholo ka mor’a hore khaitseli ea hae e ipolaee. Kereke ea hae e ruta hore Molimo a ke ke a tšoarela batho ba ipolaileng. Empa ke ile ka mo bontša hore Bibele e fana ka tšepo ea tsoho. (Johanne 5:28, 29) O ile a tšeliseha haholo ha a ithuta hore ’Mōpi oa re tsotella. Linako tse kang tseo li entse hore ke elelloe hore ho bolella batho ba bang linnete tsa Bibele, ho nkhotsofatsa ho feta saense ka boeona!