Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 TSA MONA LE MANE

Tsa Mona le Mane

Kou ea Mexico

Ka April 2010, ho ile ha e-ba le kotsi leoatleng sebakeng seo ho huloang oli ho sona ’me oli e ngata le khase tsa tšolohela ka leoatleng hoo e ka bang ka likhoeli tse tharo. Phuputsong eo ba ileng ba e etsa bafuputsi ba ile ba fumana hore ka mor’a likhoeli tse peli le halofo, lik’hemik’hale tse silafatsang li ne li le sieo—ba lumela hore li qetiloe ke baktheria e qetang khase ea methane. Leha ho le joalo, litsebi tse ling li belaella bonnete ba seo. Li lumela hore boholo ba oli eo bo tebetse tlaase leoatleng.

Russia

Koranta ea Rossiiskaya Gazetae e tlaleha hore ho latela phuputso e ’ngoe e entsoeng, karolo ea 59 lekholong ea batho ba Russia ba lilemo li 18 ho ea ho 35, ba lumela hore e le hore motho “a atlehe bophelong, ka linako tse ling o lokela ho tlōla melao ea boitšoaro.”

Peru

Tse ling tsa liqo tsa khale tse kileng tsa fumanoa (tse kang se bontšitsoeng ka holimo) li bontša hore baahi ba Peru leboea ba ne ba etsa li-popcorn le phofo ea poone bonyane lilemo tse 3 000 tse fetileng.

Italy

Lucio Soravito De Franceschi, e leng mobishopo oa K’hatholike e Adria-Rovigo, o lumela hore “molaetsa oa bolumeli o lokela ho isoa ho batho ka bomong” moo ba lulang teng. O re: “Mosebetsi oa rōna oa ho bitsetsa batho kerekeng o lokela ho nkeloa sebaka ke hore rōna re ba etele malapeng a bona.”

Afrika Boroa

Theko ea manaka a litšukulu a rekisetsoang ho etsa meriana ntle ho molao, e nyolohetse ho liranta tse 540 000 k’hilograma ka ’ngoe. Ka 2011, Afrika Boroa feela, batho ba tsomang ntle ho molao ba ile ba bolaea litšukulu tse 448. Linaheng tsa Europe, linokoane tse batlang manaka a litšukulu li ile tsa thuha limusiamong le libakeng tseo ho etsoang fantisi ho tsona. Ho nahanoa hore litšukulu tse lirapeng tsa polokelo ea liphoofolo linaheng tsa Europe le tsona li kotsing.