Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

U ka Qoba ho se Buise Molekane oa Hao Joang?

U ka Qoba ho se Buise Molekane oa Hao Joang?

BOTHATA

Ke’ng se etsang hore batho ba babeli ba ileng ba ikana hore ba tla ratana ba qete lihora kapa matsatsi ba sa buisane? Ba bang ba ee ba re, ‘bonyane ha re sa loana.’ Leha ho le joalo, ha ba rarolle bothata, ’me ha ba thabe.

KE HOBANE’NG HA SEO SE ETSAHALA?

Ho iphetetsa. Balekane ba bang ba sebelisa ho thōla e le mokhoa oa ho iphetetsa. Ka mohlala, a re ke re re monna o etsa qeto ea seo a tla se etsa ka mafelo beke ntle le ho buisana le mosali oa hae. Ha mosali a lemoha seo, o oa koata ebile o re monna oa hae ha a mo nahanele. Monna o araba ka ho ’mitsa sefela-peloana. Mosali o tsamaea a koatile ’me o khaotsa ho buisa monna oa hae. Ha e le hantle, o re, “U nkutloisitse bohloko, ’me ke tl’o iphetetsa.”

Ho Qhekella. Ba bang ba sebelisa ho se buisane e le tsela ea hore ba fumane seo ba se batlang. Ka mohlala, nahana ka monna le mosali ba rerang ho nka leeto ’me mosali a batla hore ba tsamaee le batsoali ba hae. Empa monna o hana ka le reng, “U nyetsoe ke ’na eseng batsoali ba hao.” Joale ka mor’a moo ha a sa buisa mosali oa hae, ebile o oa mo ngala ho fihlela a lumellana le seo a se batlang.

Ke ’nete hore ho se buisane ka nakoana ho ka ’na ha fa banyalani monyetla oa ho theola maikutlo, haholo haeba khang e tota. Ho thōla ho joalo ho ka ba molemo. Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa.” (Moeklesia 3:7) Empa ha ho se buisane ho sebelisoa e le mokhoa oa ho iphetetsa kapa oa ho qhekella ho ka etsa hore qabang e se ke ea fela ’me hape ha fokotsa tsela eo banyalani ba hlomphanang ka eona. U ka etsa joang hore see se se ke sa u etsahalla?

 SEO U KA SE ETSANG

Mohato oa pele ke ho lemoha hore ho se buisane ha ho rarolle mathata a hao—empa e le leqheka le ka u sebeletsang ka nakoana. Ke ’nete hore ho se buise molekane ho ka ’na ha khotsofatsa takatso ea hao ea ho iphetetsa kapa ea ho mo qobella hore a etse seo u se batlang. Empa na eo ke eona tsela eo u batlang ho tšoara motho eo u ileng ua ikana hore u tla mo rata? Ho na le litsela tse ling tse molemo tsa ho rarolla likhohlano.

E-ba le temoho. Bibele e re lerato “ha le halefe.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Kahoo, u se ke ua halefisoa ke mantsoe a buuoang ka lebaka la ho halefa a kang “Ha ho mohla u mamelang” kapa “Ha ho mohla u tšoarang nako.” Ho e-na le hoo, lemoha sepheo seo mantsoe a joalo a buuoang ka sona. Ka mohlala, “Ha ho mohla u mamelang” e ka ’na ea bolela hore “Ke ikutloa eka ha u nkele maikutlo a ka hloohong.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 14:29.

Nka molekane oa hao joaloka sebapali-’moho le uena, eseng oa lireng

Buela tlaase. Qabang e atisa ho ba mpe ha e sa khaotse. Leha ho le joalo, ho na le seo u ka se etsang e le hore le se ke la qoaketsana. U ka etsa’ng? Buka e bitsoang Fighting for Your Marriage e re: “Hangata ho bua ka tsela e bonolo le ho ela hloko maikutlo a molekane oa hao ke lintho tsa bohlokoa tseo u ka li sebelisang ho kokobetsa ho tlallana ke bohale le ho khaola khang.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 26:20.

U se ke ua nahana ka uena feela. Bibele e re: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) Haeba u nka molekane oa hao joaloka sebapali-’moho le uena, eseng oa lireng, u ke ke ua khopiseha habonolo, ua pheha khang le eena kapa ua khaotsa ho mo buisa.—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 7:9.

Ho se buise molekane oa hao ha ho lumellane le keletso ena ea Bibele: “E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Ke hobane’ng ha le sa etse qeto le molekane oa hao hore ha le na ho lumella ho se buisane lenyalong la lōna?