Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA LE ENTSOE?

Lepheo la Leruarua la Humpback

Lepheo la Leruarua la Humpback

LERUARUA le hōlileng la humpback le leholo ebile le boima ho feta teraka e tletseng thepa. Leha ho le joalo, phoofolo ena e khōlōhali e thinya kapele ka tsela e hlollang ha e qoela ka metsing. Leruarua lee le khona joang ho tsamaisa ’mele oa lona kapele hakaale? Ntho e ’ngoe e le thusang, ke mapheo a lona a makukuno.

Ak’u nahane: Maruarua a mangata le liphoofolo tse ling tsa metsing a na le mapheo a boreleli. Leha ho le joalo, leruarua lena lona le fapane. Le na le makukuno a maholo karolong e ka pele ea mapheo a lona. Ha le sesa, metsi a phalla holim’a makukuno a lona ebe a etsa maqhubu a mangata. Makukuno ana a etsa hore metsi a loebehlane. Ho loebehlana hona ho nolofalletsa leruarua ho nyoloha habonolo ka metsing le ho le lumella ho koba mapheo a lona haholo le sa eme. Ha le phukalalitse mapheo, makukuno ana a boetse a fokotsa boima ba metsi, ’me sena se thusa mapheo a lona a malelele ao le leng le le leng la ’ona le ka bang bolelele ba karolo ea boraro ea ’mele oa lona.

Bafuputsi ba leka ho kopitsa mokhoa ona oa leruarua e le hore ba ntlafatse masokoana a liketsoana, mahare a mechine e fehlang metsi, maloala a tsamaisoang ka moea le mahare a mechine e tsamaisang lihelikopthara.

U nahana’ng ka see? Na lepheo la leruarua la humpback le bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na le entsoe?