Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Ha Morali oa Hao ea Lilemong Tsa Bocha a Imetsoe Kelellong

Ha Morali oa Hao ea Lilemong Tsa Bocha a Imetsoe Kelellong

BOTHATA

Morali oa hao o u bolella hore o imetsoe kelellong. U re ka ho makala, ‘A le lilemo li 13? O tseba’ng ka ho imeloa kelellong a le monyenyane hakaale!’ Leha ho le joalo, pele u cho joalo ho morali oa hao, nahana ka mabaka a mang a ka ’nang a etsa hore a ikutloe a imetsoe kelellong.

SE KA ETSANG HORE A IMELOE KELELLONG

Liphetoho tse bang teng ’meleng. Ha ngoanana a kena boroetsaneng, a ka tšoenyeha haholo ha a bona lithaka tsa hae li hōla kapele ho mo feta kapa a hōla kapele ho li feta. Anna, * eo hona joale a leng lilemo li 20 o re: “Ke ne ke le e mong oa banana ba pele ba ho apara bothisi, ’me seo se ne se etsa hore ke se ke ka phutholoha. Ha ke ne ke ipapisa le lithaka tsa ka, ke ne ke ipona ke sa tšoane le tsona, ke ikutloa ke le mokhelo!”

Liphetoho tse bang teng maikutlong. Karen, eo hona joale a leng lilemo li 17, o re: “Ke ne ke ferekanngoa ke ho se tsebe hore na ke hobane’ng ha ke ikutloa ke thabile motšehare, empa bosiu ke lla habohloko. Ke ne ke sa tsebe hore na ho etsahala’ng ka ’na. Ke ne ke utloa eka ha ke khone ho laola maikutlo a ka.”

Ho qala ho ea matsatsing. Moroetsana e mong ea bitsoang Kathleen o re: “Le hoja ’mè oa ka a ne a mpolelletse hore ke lokela ho etsa’ng ha ke qala ho ea matsatsing, ke ne ke ntse ke e-s’o itokise. Ke ne ke hlapa hangata ka letsatsi hobane ke ikutloa ke le litšila. Hape, bo-abuti ba ka ba bararo ba ne ba lula ba ntšoma. Ba nahana hore ke ntho e qabolang ha ke ea matsatsing.”

Khatello ea lithaka. Marie, eo hona joale a leng lilemo li 18, o re: “Ha ke ne ke le lilemo li pakeng tsa tse 12 le tse 14, khatello ea lithaka e ne e le matla haholo. Bana bao ke neng ke kena sekolo le bona, ba ne ba tšoara bana ba fapaneng le bona hampe.” Anita ea lilemo li 14 o re: “Lilemong tseo ke leng ho tsona, taba ea ho ratoa ke metsoalle ke ntho ea bohlokoa haholo, ’me ha ba sa u rate u ikutloa u le mokhelo.”

 SEO U KA SE ETSANG

Khothalletsa morali oa hao hore a buisane le uena ha a imetsoe kelellong. Qalong, a ka ’na a se ke a phutholoha ho buisana le uena. Empa e-ba le mamello ’me u sebelise keletso ea Bibele e reng ‘u potlakele ho utloa, u liehe ho bua.’—Jakobo 1:19.

Nkela morali oa hao hloohong ha a re o imetsoe kelellong. Hopola hore ha a na phihlelo joaloka uena, ’me ha a tsebe hore na a sebetsane joang le boemo boo.—Molao-motheo oa Bibele: Baroma 15:1.

U se ke ua imetsa morali oa hao ka mosebetsi o mongata haholo ka mor’a sekolo. Ho ea ka buka ea Teach Your Children Well, bacha ba lokelang ho etsa lintho tse ngata haholo, “hangata ba ba le matšoao a ho imeloa kelellong a kang, ho tšoaroa ke hlooho le mala.”—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 1:9, 10.

Tiisa hore morali oa hao o phomola ka ho lekaneng. Hangata bacha ha ba tsotelle ho robala. Leha ho le joalo, seo se tla fokolisa bokhoni ba morali oa hao ba ho nahana le ho mo sitisa ho loantša bothata ba ho imeloa kelellong.—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 4:6.

Thusa morali oa hao hore a fumane lintho tse tla mo thusa ho fokotsa ho imeloa kelellong. Banana ba bang baa ikoetlisa e le hore ba fokotse khatello ea kelello. Bibele e ea lumela hore “koetliso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) Ba bang ba hlokometse hore ho ngola lintho tse ba tšoenyang ho ba thusa ho fokotsa ho imeloa kelellong. Brittany ea lilemo li 22 o re: “Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke ngola mathata ao ke sitoang ho a rarolla. Seo se ne se nthusa hore ke utloisise tsela eo ke ikutloang ka eona ka bothata boo, ebe ho ba bonolo hore ke bo rarolle kapa ke khaotse ho nahana ka bona.”

Beha mohlala o motle. U etsa’ng ha u imetsoe kelellong? Na u ikimetsa ka mosebetsi o mongata ebe u ua ferekana ha u sa khone ho o qeta? Na u sebetsa ka thata hoo u sa beng le nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa haholo bophelong? Bafilipi 4:5 e re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe.” Hopola hore morali oa hao o ithuta mohlaleng oa hao, ebang o motle kapa o mobe.

^ ser. 6 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.