Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NA LE ENTSOE?

Lepheo la Serurubele le Monyang Khanya

Lepheo la Serurubele le Monyang Khanya

BORASAENSE ba batla ho ntlafatsa ho etsoa ha lintho tse sebetsang ka mahlaseli a letsatsi, e le hore batho ba se ke ba itšetleha haholo ka lirafshoa. Rasaense e mong o ile a re: “E ka ’na eaba tharollo ea bothata bona . . . e ntse e fofa ka pel’a rōna.”

Mapheo a serurubele a na le makhekhebu a kang matlo a linotši

Nahana ka sena: E le hore lirurubele li futhumale mariha, li otlolla mapheo a tsona letsatsing. Mapheo a lirurubele tse bitsoang swallowtail a khona ho monya mocheso oa mahlaseli a letsatsi ka tsela e hlollang. Lirurubele ha li thusoe feela ke mapheo a tsona a ’mala o lefifi empa li thusoa hape ke makhekhebu a palamaneng, a manyenyane hoo a ka bonoang ka microscope. Makhekhebu ana a na le mekoti e bōpehileng joaloka matlo a linotši e arohantsoeng ke liforo tse kenyang khanya ka mekoting. Sebōpeho sena se entsoeng ka mokhoa o bohlale, se monya khanya ea letsatsi e leng se etsang hore mapheo a be matšo le ho feta, ebe serurubele sea futhumala.

Koranta ea Science Daily e re: “Le hoja lepheo la serurubele e le e ’ngoe ea lintho tse fokolang ka ho fetisisa, le susumelitse borasaense hore ba batle mokhoa o mocha oa theknoloji o tla etsa hore khase ea haedrojene, e leng peterole ea ka moso e sa senyeng tikoloho e imene habeli ’me e tla etsoa ka metsi le khanya ea letsatsi.” Hape theknoloji eo e ka thusa ho ntlafatsa lisebelisoa tsa mahlo le lintho tse hlokang mahlaseli a letsatsi.

U nahana’ng ka see? Na mapheo a serurubele a khonang ho monya khanya a bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na a entsoe?