Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Mahlomola

Mahlomola

Batho ba bang ba nahana hore Molimo ke eena ea bakelang batho mahlomola le hore ha a ba tsotelle ha a ba hlahela. Empa na Bibele e ruta seo? U ka ’na ua makatsoa ke karabo ea potso ena.

Na Molimo ke eena ea re bakelang mahlomola?

“Kannete, Molimo ha a sebetse bokhopo.”Jobo 34:12.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ke thato ea Molimo. Ka lebaka leo, ba lumela hore Molimo ke eena ea re bakelang mahlomola. Ka mohlala, ha ho e-ba le likoluoa tsa tlhaho, ba nahana hore ke tsela eo Molimo a otlang baetsalibe ka eona.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e ruta ka ho hlaka hore Molimo hase eena ea re bakelang mahlomola. Ka mohlala, e re ha re hlaheloa ke liteko, re tla be re fositse ha re ka re: “Ke ntse ke lekoa ke Molimo.” Hobane’ng? Hobane “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Ka mantsoe a mang, ha ho mohla Molimo a re bakelang mathata ao re nang le ’ona kapa hona ho re bakela mahlomola. O ne a tla be a le khopo haeba a ne a ka etsa joalo, empa “Molimo ha a sebetse bokhopo.”—Jobo 34:12.

Haeba hase Molimo ea re bakelang mahlomola, ke eng kapa ke mang ea re bakelang ’ona? Ka masoabi, hangata batho ba utloisoa bohloko ke ho laoloa ke batho ba bang ba sa phethahalang. (Moeklesia 8:9) Ho ekeletsa moo, re ka ’na ra hlaheloa ke tlokotsi ka lebaka la “ketsahalo e sa lebelloang”—mohlomong hobane re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. (Moeklesia 9:11) Bibele e ruta hore ha e le hantle “’musi oa lefatše lena,” e leng Satane Diabolose, ke eena ea ikarabellang ka mahlomola ao batho ba nang le ’ona hobane e re “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19) Hase Molimo—empa ke Satane ea bakelang batho mahlomola.

Molimo o ikutloa joang ha re tobana le mahlomola?

“Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” Esaia 63:9.

SEO BATHO BA SE BUANG

Ba bang ba nahana hore Molimo ha a tsotelle ha re hlaheloa ke mahlomola. Ka mohlala, ha mongoli e mong a bua ka Molimo o ile a re: “Ha a re utloele bohloko ha re hlaheloa ke mahlomola.” Mongoli enoa o bolela hore haeba Molimo o teng, e tlameha ebe o talima batho feela “a sa ba utloele bohloko.”

SEO BIBELE E SE BUANG

Ho e-na le ho hlalosa Molimo e le ea sa tsotelleng le ea se nang kutloelo-bohloko, Bibele e ruta hore Molimo o ameha ka ho teba ka mahlomola a rōna—le hore o tla a felisa haufinyane. Nahana ka linnete tse tharo tse tšelisang tse hlahang ka Bibeleng.

Molimo o bona mahlomola a rōna. Ho tloha tšimolohong ea mahlomola a batho, ha hona keleli leha e le ’ngoe eo “mahlo a [Jehova *] a khanyang” a bonang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a sa kang a e ela hloko. (Pesaleme ea 11:4; 56:8) Ka mohlala, ha barapeli ba hae ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba hatelloa, Molimo o ile a re: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka.” Empa na o ne a bona feela mahloreho a sona? Che, hobane o ile a tsoela pele ho re: “Ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.” (Exoda 3:7) Batho ba bangata ba tšelisoa ke ’nete eo—ho tseba hore Molimo o ela hloko ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re utloisang bohloko le liteko tseo e ka ’nang eaba batho ba bang ha ba li bone kapa hona ho li utloisisa.—Pesaleme ea 31:7; Liproverbia 14:10.

Molimo o re utloela bohloko ha re le mahlomoleng. Hase feela hore Jehova Molimo o tseba mahlomola a batho empa o ameha ka ho teba ha a ba hlahela. Ka mohlala, Molimo o ile a utloa bohloko haholo ha barapeli ba hae ba boholo-holo ba ne ba tobana le mahlomola. Bibele e re: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha”. (Esaia 63:9) Le hoja Molimo a phahametse batho hōle, o utloa bohloko ha ba hlaheloa ke mahlomola—joalokaha eka a hlahetse eena! Ka sebele, “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) Ho phaella moo, Jehova o re thusa ho mamella mahlomola.—Bafilipi 4:12, 13.

Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle. Bibele e bontša hore Molimo o tla felisa mahlomola a motho e mong le e mong ea teng lefatšeng. Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho fetola maemo a batho ka ho feletseng. Ha e bua ka nako eo, Bibele e tšepisa hore Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Empa ho thoe’ng ka ba seng ba hlokahetse? Molimo o tla ba tsosa e le hore le bona ba tl’o thabela ho phela hamonate lefatšeng le se nang mahlomola. (Johanne 5:28, 29) Na ho na le motho ea tla lula a hopola lintho tse bohloko tse ileng tsa mo etsahalla? Che, hobane Jehova o tšepisa hore: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esaia 65:17. *

^ ser. 13 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

^ ser. 15 Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella mahlomola le hore na o tla a felisa joang, sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? khaolong ea 8 le ea 11 e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.