Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA LI ENTSOE?

Likokoanyana Tse Jang Oli

Likokoanyana Tse Jang Oli

KA 2010, ho ile ha qhalana lilithara tse ka bang limilione tse 800 tsa oli e tala Koung ea Leoatle ea Mexico ka mor’a hore mochine o borang o phatlohe o be o tebe. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse ’maloa oli eo e ne e se e le sieo. Seo se etsahetse joang?

Nahana ka sena: Lipatlisiso tsa bo-rasaense li bontšitse hore boieane ba likokoanyana tse phelang leoatleng bo ka qhaqha limolek’hule tsa carbon tse teng oling. Moprofesa Terry Hazen, e leng setsebi sa baeloji ea lintho tse nyenyane haholo tse phelang, o re likokoanyana tsena ke “limisaele tse batlanang le oli.” Likokoanyana tseo li ile tsa ja oli e ileng ea qhalana Koung ea Leoatle ea Mexico eo re buileng ka eona qalong ea sehlooho sena.

Ha tlaleho ea BBC e bua ka taba ena e ile ea re: “Ka tsela e itseng, ho loketse hore maoatle a be le likokoanyana tse jang oli.” Ha e le hantle, ka lilemo tse ngata “metsi a tšikhunyang leoatleng a ’nile a hlahisa oli ’me a phallela linōkeng le liphororong.”

Ke ’nete hore boiteko boo batho ba bo etsang ba ho felisa oli ka metsing bo ’nile ba atleha. Leha ho le joalo, maemong a mangata boiteko boo bo ka baka tšenyo ho e-na le ho lokisa bothata. Lik’hemik’hale tse sebelisoang li sitisa litlhophiso tsa tlhaho tsa ho felisa oli. Ho phaella moo, lik’hemik’hale tseo li kotsi ’me li ka senya tikoloho haholo. Empa lintho tsa tlhaho tse qhaqhang oli, tse akarelletsang likokoanyana tse sa bonahaleng tse jang oli, li etsa hore leoatle le hlophise mekhoa ea ho hloekisa e sa hlahiseng liphello tse kotsi. *

U nahana joang? Na likokoanyana tse phelang leoatleng tse jang oli li bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na li entsoe? 

^ ser. 6 Ho sa ntse ho hlokahala nako e eketsehileng hore re tsebe hore na ho phatloha ha mochine o borang Koung ea Leoatle ea Mexico ho bakile tšenyo e kae linthong tse phelang leoatleng.