Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete

E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete

BATHO ba bangata ba re ha ho na bophelo kantle ho chelete. Ho isa bohōleng bo itseng, ba bua ’nete. Ha e le hantle, re hloka chelete e le hore re reke lijo le liaparo, re patale rente kapa re reke ntlo. Setsebi se seng sa lichelete se re: “Chelete ke ea bohlokoa haholo sechabeng. Ha chelete e ne e ka felisoa, re ka ferekana ’me ka mor’a khoeli ra qala ho loantšana.”

Ke ’nete hore ho na le lintho tseo chelete e ke keng ea li etsa. Ha Arne Garborg e leng seroki sa Monorway a bua ka chelete, o ile a re: “U ka reka lijo ka eona empa u ke ke ua reka takatso ea lijo; u ka reka meriana ka eona, eseng bophelo bo botle; u ka reka bethe e sa kukuneleng, eseng boroko; tsebo, eseng bohlale; lintho tse iketsang botle, eseng botle; bokhabane, eseng kamano e mofuthu le batho; boithabiso, eseng thabo; batho bao u tloaelanang le bona, eseng metsoalle; batho ba u sebeletsang, eseng botšepehi.”

Motho ea nkang hore chelete e ka mo thusa hore a finyelle merero ea hae ha a etse chelete pakane ea hae, ’me ka ho etsa joalo o tla thaba. Bibele e re lemosa hore “lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba . . . itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:10.

Hlokomela hore lerato la chelete ke lona le bakang kotsi eseng chelete ka boeona. Ka sebele ho nahana ka chelete ka tsela e feteletseng ho ka baka liqabang pakeng tsa malapa le metsoalle. Nahana ka mehlala e latelang.

Daniel: * “Haesale ke tseba motsoalle oa ka Thomas e le motho ea mosa le ea tšepahalang. Ha ho mohla nkileng ka ba le bothata le eena ho fihlela ke mo rekisetsa koloi ea ka. Ke ne ke sa tsebe hore koloi ea ka e na le bothata. Leha ho le joalo, o ile a lumela ho e reka ’me ra saena tumellano ea hore o tla e reka e le joalo. Ka mor’a likhoeli tse tharo koloi eo ile ea robeha. Thomas o ile a re ke mo qhekelletse ’me a re ke khutlise chelete ea hae. Ke ne ke maketse! Ha ke leka ho behelana mabaka le eena, o ile a halefa eaba o ba mabifi. Ka mor’a hore re be le ho se utloisisane ka taba ea chelete, Thomas e ne e se e se eane eo ke mo tsebang.”

Esin: “Nesrim ke ngoan’eso ea mong. Haesale re utloana, kahoo ha ho mohla ke neng ke nahana hore re ka qabanngoa ke chelete. Empa seo ke sona se ileng sa etsahala. Pele batsoali ba rōna ba hlokahala, ba ile ba re siela lefa ’me ba re re arole chelete ka ho lekana. Ngoan’eso o ile a fetohela litaelo tsa batsoali ba rōna ’me a batla hore ke mo fe chelete e fetang eo a lokelang ho e fumana. Kaha ke ne ke batla ho hlompha litaelo tsa batsoali, o ile a halefa ’me a nketsetsa litšoso. O ntse a ntlhoile ho fihlela lena le holimo.”

CHELETE E BAKA KHETHOLLO

Ho ba le pono e fosahetseng ka chelete ho etsa hore batho ba ahlolane. Ka mohlala, motho ea ruileng a ka ’na a nahana hore batho ba futsanehileng ha ba batle ho fetola bophelo ba bona. Motho ea futsanehileng a ka etsa qeto ea hore batho ba nang le chelete ba meharo ebile ba rata chelete. Batho ba ne ba lula ba ahlola Leanne, e leng mocha eo lelapa labo le ruileng. O re:

Keletso eo Bibele e fanang ka eona mabapi le chelete e ntse e loketse kajeno feela joalokaha e ne e loketse ha e ne e ngoloa

“Ke ne ke tsejoa ke le ngoan’a ntate ea ruileng. Kahoo hangata batho ba ne ba re: ‘Ha u batla eng kapa eng u kōpa Ntate oa hao’, kapa ba re ‘Hase kaofela re ruileng, kahoo re ke ke ra ba le likoloi tse ntle joaloka tseno.’ Ke ile ka qetella ke boleletse metsoalle ea ka hore e khaotse ho bua lintho tse joalo, ’me ka ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha mantsoe ao a nkutloisa bohloko. Ke ne ke sa batle ho tsejoa ke le motho ea nang le chelete, empa ke batla ho tsejoa ke le motho ea etsetsang batho lintho tse molemo.”

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele ha e re chelete e mpe kapa hore ho ba le eona ke phoso, esita le haeba e le ngata. Taba ea bohlokoa hase bongata ba chelete eo motho a nang le eona empa ke boikutlo boo a bang le bona ka seo a nang le sona kapa seo a batlang ho se finyella. Keletso eo Bibele e fanang ka eona mabapi le chelete e ntse e loketse kajeno feela joalokaha e ne e loketse ha e ne e ngoloa. Nahana ka mehlala e latelang.

BIBELE E RE: “U se ke ua sehlela ho fumana maruo.”—Liproverbia 23:4.

Ho ea ka buka e bitsoang The Narcissism Epidemic, hangata batho ba hahamallang borui ba ka “imeloa kelellong; ba tšoaroa ke maloetse a mangata a kang ’metso, mokokotlo le hlooho ’me ba atisa ho noa haholo le ho sebelisa lithethefatsi. Kamoo ho bonahalang kateng, batho ba batlang ho ema hantle licheleteng ba apareloa ke mesarelo.”

BIBELE E RE: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.”—Baheberu 13:5.

Ka linako tse ling esita le batho ba khotsofaletseng seo ba nang le sona ba ka tšoenyeha ka chelete. Empa baa tseba hore na ke’ng seo e leng sa bohlokoa bophelong, kahoo ha ba sithabetsoe ke ho tšoenyeha ka chelete. Ka mohlala, motho ea khotsofaletseng seo a nang le sona, ha a feteletse litaba ha a e-na le mathata a lichelete. Ho e-na le hoo, o tla leka ka hohle hore a be le boikutlo bo tšoanang le ba moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ke tseba ho haelloa ke lijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.”—Bafilipi 4:12.

BIBELE E RE: “Ea tšepang maruo a hae o tla oa.”—Liproverbia 11:28.

Bafuputsi ba re manyalo a mangata a qhalana ka lebaka la mathata a lichelete. Hape batho baa ipolaea ha ba na le mathata a lichelete. Ba bang ba nka chelete e le ea bohlokoa ho feta manyalo a bona, esita le ho feta bophelo ba bona! Ka lehlakoreng le leng, batho ba nang le pono e loketseng ka chelete ha ba behe tšepo ea bona cheleteng. Ho e-na le hoo, ba hlokomela bohlale ba mantsoe a Jesu a reng: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.

CHELETE KE EA BOHLOKOA HAKAE HO UENA?

Ho itlhahloba ho ka u thusa hore u be le teka-tekano litabeng tsa lichelete. Ka mohlala, ipotse lipotso tse latelang.

  • Na ke rata mekhatlo eo ho thoeng e ruisa batho ka potlako?

  • Na ke thatafalloa ke ho fana ka chelete ea ka ka bolokolohi?

  • Na ke tloaelane le batho ba atisang ho bua ka chelete le lintho tseo ba nang le tsona?

  • Na ke bua leshano kapa ke sebelisa mekhoa e meng e fosahetseng e le hore ke fumane chelete?

  • Na chelete e etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa?

  • Na ke lula ke nahana ka chelete?

  • Na boikutlo ba ka ka chelete boa nkulisa ebile bo senya kamano ea lelapa la ka?

    Ithute ho ba seatla se bulehileng ka hore u fane

Haeba karabo ea hao e bile e, ho e ’ngoe ea lipotso tse ka holimo, etsa bonnete ba hore u tlosa maikutlo leha e le afe a fosahetseng a ho rata chelete. Qoba ho iketsa motsoalle oa batho ba nkang chelete le lintho tseo ba nang le tsona e le tsa bohlokoa. Ho e-na le hoo, etsa setsoalle le batho ba nkang melao-motheo e phahameng ea boitšoaro e le eona ea bohlokoa ho feta lintho tseo ba nang le tsona.

Le ka mohla u se ke ua itumella hore u rate chelete. Ho e-na hoo, u nke metsoalle, ba lelapa le bophelo ba hao bo botle e le tsa bohlokoa ho feta chelete. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u na le pono e loketseng ka chelete. 

^ ser. 7 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.