Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KE HOBANE’NG HA BATHO BA HLOEANE HAKAALE?

2 | U se ke oa Iphetetsa

2 | U se ke oa Iphetetsa

Seo Bibele e se Rutang:

“Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lona, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, . . . Kaha ho ngoliloe: ‘“Phetetso ke ea ka, ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”​BAROMA 12:​17-19.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Ha motho a re utloisa bohloko, ho tloaelehile hore re koate empa Molimo ha a batle hore re iphetetse. Ho e-na le hoo, o batla hore re be le mamello hobane o tšepisa hore haufinyane o tla felisa batho ba khopo.​—Pesaleme ea 37:​7, 10.

Seo U ka se Etsang:

Ha batho ba baetsalibe ba iphetetsa, seo se etsa hore ba hloeane le ho feta. Kahoo, ha motho a u utloisa bohloko, u se ke oa iphetetsa. Leka ho laola maikutlo a hao ’me u bue ka bonolo. Maemong a mang ho ka ba molemo hore u lebale ka se etsahetseng. (Liproverbia 19:​11) Ka linako tse ling ho ka hlokahala hore u tlalehe bothata. Ka mohlala, haeba u le lehlatsipa la tlolo ea molao, u ka khetha ho tlaleha tlolo eo ea molao mapoleseng.

Ho iphetetsa ha ho re tsoele molemo

U ka etsa’ng haeba ho se na tsela e ka rarollang bothata boo ka khotso? U tla etsa’ng haeba u lekile sohle seo u ka se khonang ho bo rarolla ka khotso? U se ke oa iphetetsa hobane ha u etsa joalo maemo a ka mpefala. U tla khona ho hlola lehloeo haeba u sa iphetetse. Tšepa tsela eo Molimo a reng re rarolle bothata ka eona. “U itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.”​—Pesaleme ea 37:​3-5.