Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?

Bibele e re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?

LINAHA tse ngata ha li e-s’o fihlele qeto ea hore na manyalo a batho ba bong bo tšoanang a lokela ho ba molaong kapa che. Leha ho le joalo, ka 2015 Lekhotla le Phahameng la United States le ile la lumella batho ba bong bo tšoanang ho nyalana ka molao. Nakoana ka mor’a moo, litaba tse buang ka taba ena li ne li se li tletse hohle Inthaneteng! Potso eo batho ba neng ba e botsa haholo ke ho re: “Bibele e re’ng ka ho nyalana ha batho ba bong bo tšoanang?”

Ha ho moo Bibele e buang ka ho toba mabapi le ho nyalana ka molao pakeng tsa batho ba bong bo tšoanang. Leha ho le joalo, potso ea bohlokoa ke hore na Bibele e re’ng ka ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang.

Batho ba bangata ba sa baleng Bibele ba nahana hore ba tseba karabo ea potso ena, empa maikutlo a bona ha a lumellane. Ba bang ba re Bibele ha e lumelle batho ba bong bo tšoanang ho ratana. Ba bang bona ba lumela hore taelo e hlahang ka Bibeleng ea hore u “rate moahelani oa hao” e bolela hore u lokela ho tšehetsa batho linthong tsohle esita le tseleng eo ba khethang ho itšoara ka eona litabeng tsa thobalano.—Baroma 13:9.

KE’NG SEO BIBELE E SE RUTANG?

U nahana hore polelo e nepahetseng ke efe ho tse latelang?

  1. Bibele ha e lumellane le ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang.

  2. Bibele e lumellana le thobalano ea batho ba bong bo tšoanang.

  3. Bibele e re re lokela ho hloea batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang.

LIKARABO:

  1. ’NETE. Bibele re: “Banna ba robalang le banna . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:9, 10) Taba ena e sebetsa le ho basali.—Baroma 1:26.

  2. BOHATA. Bibele e ruta hore thobalano e ka etsoa feela ke monna le mosali ba nyalaneng.—Genese 1:27, 28; Liproverbia 5:18, 19.

  3. BOHATA. Le hoja Bibele e nyatsa ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang, ha e khothalletse hore re ba hloee kapa re ba tšoare hampe.—Baroma 12:18. [1]

Lipaki Tsa Jehova li Lumela Eng?

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore Bibele e fana ka tataiso e nepahetseng bophelong ’me li mamela seo e se buang. (Esaia 48:17) [2] Sena se bolela hore li hanana le mefuta eohle ea boitšoaro bo litšila bo haneloang ke Bibele, ho akarelletsa le ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang. (1 Bakorinthe 6:18) [3] Ena ke tsela eo Lipaki li ikhethetseng ho phela ka eona ’me ha ho motho ea ka li tsekisang.

Lipaki Tsa Jehova li mamela Molao oa Khauta ka hore li tšoare batho ba bang ka tsela eo li batlang hore ba li tšoare ka eona

Lipaki Tsa Jehova li ‘phehella khotso le batho bohle.’ (Baheberu 12:14) Le hoja Lipaki li hanana le ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang, ha li qobelle batho ba bang hore ba lumele seo li se lumelang. Ha li kenelle ho loantšeng batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang ebile ha li thabe ha li utloa litaba tsena. Lipaki Tsa Jehova li mamela Molao oa Khauta ka hore li tšoare batho ba bang ka tsela eo li batlang hore ba li tšoare ka eona.—Matheu 7:12.

Na Bibele e re Khothalletsa ho Hloea Batho ba Ratanang le ba Bong bo Tšoanang?

Batho ba bang ba ka ’na ba re Bibele e nyatsa batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang kahoo batho ba e mamelang ba lokela ho ba hloea. Ba bang bona ba re Bibele e ngotsoe nakong eo batho ba neng ba sa amohele maikutlo a ba bang. Ba re mehleng ena re amohela batho ba merabe eohle, litso le ba khethang ho ratana le ba bong bo tšoanang. Ho ea ka bona, ho hanana le taba ea ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang ho tšoana le ho hloea batho ka lebaka la morabe oa bona. Ke hobane’ng ha ho bapisa ka tsela ee ho fosahetse?

Hobane ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho hloea ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang le ho hloea batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang. Bibele e re Bakreste ba lokela ho hlompha batho ba mefuta eohle. (1 Petrose 2:17) [4] Empa seo ha se bolele hore ba lokela ho amohela boitšoaro ba mefuta eohle.

Nahana ka sena: A re re u nka hore ho tsuba ke ntho e kotsi e bileng e nyonyehang. U ka etsa joang haeba mosebetsi-’moho le uena a tsuba? Na batho ba ka nka hore ha u mo nahanele hobane feela maikutlo a hao ka ho tsuba a fapane le a hae? Na taba ea hore ha u tsube e bolela hore u mo hloile? Haeba mosebetsi-’moho a ne a ka batla hore u fetole maikutlo ka ho tsuba, na o tla be a sa bontše hore ha a nahanele ba bang?

Lipaki Tsa Jehova li khetha ho phela ka melao ea Bibele. Ha li lumellane le liketso tseo Bibele e li hanelang. Leha ho le joalo, ha li some kapa ho tšoara hampe batho ba etsang lintho tse fapaneng le seo li se lumelang.

Na Bibele e Sehlōhō?

Ho thoe’ng ka batho bao ka tlhaho ba ratang batho ba bong bo tšoanang? Na ba hlahile ba le joalo? Haeba ho joalo, na ha se ho ba sehlōhō ho ba bolella hore ho fosahetse hore ba ikutloe ka tsela eo?

Bibele ha e bue letho ka batho ba hlahang ba rata batho ba bong bo tšoanang, empa e ea lumela hore ho na le mekhoa eo ho ka bang thata hore motho a e tlohele. Kahoo e boetse e re re lokela ho qoba ho etsa lintho tse itseng tse akarelletsang ho ratana le batho ba bong bo tšoanang haeba re batla ho khahlisa Molimo.—2 Bakorinthe 10:4, 5.

Batho ba bang ba ka ’na ba re Bibele e sehlōhō. Empa seo ba se buang se thehiloe tabeng eo batho ba bangata ba e lumelang ea hore re lokela ho latela maikutlo a rōna le hore tsela eo re ikutloang ka eona ka bong ba rōna ke ea bohlokoa hoo re ke keng ra e thibela kapa ra e laola. Leha ho le joalo Bibele eona e re batho ba ka khona ho laola maikutlo a bona a fosahetseng. Ho fapana le liphoofolo, batho ba ka khona ho etsa liqeto ba sa laoloe ke maikutlo feela.—Bakolose 3:5. [5]

Nahana ka sena: Litsebi tse ling li re lintho tse ling tseo batho ba li etsang tse kang ho ba mabifi li bakoa ke lefutso. Bibele ha e bue ka ho toba hore na bohale bo bakoa ke eng, empa e re ho na le mothoea ineheletseng bohale” le “ea ratang ho halefa.” (Liproverbia 22:24; 29:22) Bibele e boetse e re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo.”—Pesaleme ea 37:8; Baefese 4:31.

Batho ba bang ba ka ’na ba hanana le keletso ena kapa ba re sena ke ho tšoara batho ba bohale hampe. Ha e le hantle, le hoja litsebi tse ling li lumela hore ho halefa ho bakoa ke lefutso, li ntse li leka ho thusa batho ba nang le bothata bona hore ba bo hlōle.

Lipaki Tsa Jehova le tsona li sebetsa ka tsela e tšoanang ha ho tluoa tabeng leha e le efe e khahlanong le melao ea Bibele. Sena ha se sebetse feela ho batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang, empa se boetse se sebetsa le ho batho ba robalang le ba bong bo fapaneng empa ba sa nyalana. Maemong ana re sebelisa keletso ea Bibele e reng: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.”—1 Bathesalonika 4:4, 5.

“Ke Seo ba Bang ba Lōna ba Neng ba le Sona”

Mehleng ea baapostola, batho ba neng ba batla ho ba Bakreste ba ne ba hlaha likarolong tse fapaneng tsa bophelo ’me le tsela eo ba neng ba phela ka eona e ne e fapane. Leha ho le joalo ba bang ba bona ba ile ba fetola tsela eo ba phelang ka eona. Ho etsa mohlala, Bibele e bua ka ‘lihlola, barapeli ba litšoantšo, bafebi le banna ba robalang le banna.’ Bibele e boetse e re: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.”1 Bakorinthe 6:9-11.

Na mantsoe a reng “ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona” a bolela hore batho ba ileng ba tlohela boitšoaro boo bo litšila ha baa ka ba hlola ba e-ba le litakatso tse fosahetseng tsa ho robala le batho ba bong bo tšoanang? E ke ke eaba ho joalo hobane Bibele e boetse e re: “Le ’ne le tsamaee ka moea ’me ho hang le ke ke la phetha takatso ea nama.”—Bagalata 5:16.

Hlokomela hore Bibele ha e re Bakreste ba ke ke ba e-ba le litakatso tse fosahetseng. Ho e-na le hoo, e re motho o tla ikhethela ho se phethe takatso eo. Bakreste ba ithuta ho laola tsela eo ba ikutloang ka eona ’me ba khaotsa ho nahana ka boitšoaro bo litšila kaha seo se ka ’na sa ba susumeletsa ho bo etsa hape.—Jakobo 1:14, 15. [6]

Kahoo Bibele e fana ka phapang pakeng tsa litšekamelo tsa tlhaho tse fosahetseng le litloaelo tse mpe. (Baroma 7:16-25) Motho eo ka tlhaho a ratang batho ba bong bo tšoanang a ka hanela kelello ea hae ho nahana lintho tse fosahetseng tse ka etsang hore a be le litakatso tseo, joalokaha motho e mong le e mong ea batlang ho tlohela bohale, bofebe le meharo a ka etsa.—1 Bakorinthe 9:27; 2 Petrose 2:14, 15.

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore melao ea boitšoaro e hlahang ka Bibeleng ke eona e molemo ka ho fetisisa bophelong. Leha ho le joalo, ha li qobelle batho ba bang hore ba amohele maikutlo a tsona ebile ha li khahlanong le melao e sireletsang batho ba etsang lintho tse hananang le Bibele. Lipaki Tsa Jehova li bolela molaetsa o thabisang ho bohle ba batlang ho o mamela.—Liketso 20:20.

^ 1. Baroma 12:18: “Le be le khotso le batho bohle.”

^ 2. Esaia 48:17: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”

^ 3. 1 Bakorinthe 6:18: “Balehelang bohlola.”

^ 4. 1 Petrose 2:17: “Hlomphang batho ba mefuta eohle.”

^ 5. Bakolose 3:5: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali.”

^ 6. Jakobo 1:14, 15 e re: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae, joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”