Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng

Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng

MOHOLO e mong ea bitsoang François ea lulang naheng e futsanehileng o re: “Ho ile ha e-ba le merusu ka mor’a hore ho phatlalatsoe sephetho sa likhetho, ’me Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa tlameha ho baleha. Ho ne ho se na lijo le meriana e lekaneng, ’me le tse teng li ne li bitsa haholo. Libanka li ile tsa koaloa, ’me mechine ea chelete e se na letho kapa e sa sebetse.”

Barab’abo rōna ba tsoang ofising ea lekala ba ile ba phallela Lipaki tse balehetseng Liholong Tsa ’Muso ka chelete le lintho tse ling. Batšehetsi ba mekha e loantšanang ba ne ba koala litsela, empa kaha ba ne ba tseba hore Lipaki ha li kenelle lipolotiking, hangata ba ne ba lumella likoloi tsa lekala hore li fete.

François o re: “Ha re ea Holong e ’ngoe ea ’Muso, litlokotsebe tse ipatileng li ile tsa thunya koloi ea rōna. Leha ho le joalo, likulo tseo li ile tsa re fosa. Ha re bona lesole le leng le tla le matha le re lebile le tšoere sebetsa, re ile ra emisa koloi eaba rea tjeka ’me ra e hata ho khutlela lekaleng. Re ile ra leboha Jehova ha a re sirelelitse. Ka le hlahlamang, barab’abo rōna ba 130 ba neng ba le Holong eo ea ’Muso ba ile ba fihla sebakeng se sireletsehileng. Ba bang ba ile ba tla ofising ea lekala, moo re ileng ra ba hlokomela moeeng le nameng ho fihlela lintho li khutletse setloaeling.”

François o re: “Hamorao ofisi ea lekala e ile ea fumana mangolo a mangata a liteboho a tsoang ho barab’abo rōna ba likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Ha ba hlokomela kamoo barab’abo bona ba libakeng tse ling ba ba thusitseng kateng, seo se ile sa etsa hore ba tšepe Jehova le ho feta.”

Ha bara le barali babo rōna ba oeloa ke likoluoa, ebang ke tsa tlhaho kapa tse bakiloeng ke batho, ha re re ho bona, “le futhumale ’me le khore.” (Jak. 2:15, 16) Ho e-na le hoo, re leka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang. Ka ho tšoanang, ka mor’a hore barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba lemosoe ka tlala e tlang, ba ile “ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo leha e le mang a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea.”—Lik. 11:28-30.

Kaha re bahlanka ba Jehova, re ithaopela ho thusa batho ba hlokang. Leha ho le joalo, batho ba boetse ba na le tlhoko ea moea. (Mat. 5:3) Ho ba thusa hore ba ele hloko tlhoko eo le hore ba e khotsofatse, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse batho barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ka bo-mong re fana ka nako ea rōna, matla le matlotlo ho phethahatsa thōmo eo. Re le mokhatlo, re sebelisa chelete e ’ngoe ea monehelo ho thusa batho ka lintho tseo ba li hlokang, empa ntho e ka sehloohong ke hore e sebelisetsoe ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso le ho phatlalatsa litaba tse molemo. Kahoo re bontša hore re rata Molimo le baahelani ba rōna.—Mat. 22:37-39.

Ba tšehetsang mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle ba ka kholiseha hore monehelo oo ba fanang ka oona o sebelisoa ka ho loketseng. Na u ka phallela barab’abo rōna ba hlokang thuso? Na u batla ho tšehetsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa? Haeba ho joalo, “u se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.”—Liprov. 3:27.