Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebeletsa Molimo ke Setlhare ho Eena!

Ho Sebeletsa Molimo ke Setlhare ho Eena!

Ha bo-pula-maliboho ba babeli ba kena ka tlung e ’ngoe Kenya, ba ile ba makala ha ba bona monna ea robetseng betheng. O ne a le ’mele o monyenyane a bile a le matsoho a makhutšoanyane. Ha ba bolella monna eo hore Molimo o tšepisa hore “ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla,” o ile a bobotheha.—Esa. 35:6.

Bo-pula-maliboho bao ba ile ba utloa hore Onesmus, eo hona joale a habileng lilemo tse 40, o hlahile a e-na le bothata ba masapo. Masapo a hae a robeha lefeela, hoo ntho leha e le efe e mo imelang e a robang. Kaha lefu lena ha le phekolehe, Onesmus o lebeletse ho qeta bophelo bohle ba hae a opeloa a bile a tsamaea ka setulo sa likooa.

Onesmus o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Empa ’mè oa hae o ne a hana ha a e-ea libokeng tsa Bokreste, a re a ka ’na a lemala eaba o opeloa le ho feta. Ka hona, barab’abo rōna ba ne ba rekota lipuo tse fanoang libokeng, ’me Onesmus a li mamela lapeng. Ka mor’a hore Onesmus a ithute ka likhoeli tse hlano, o ile a etsa qeto ea hore o batla ho ea libokeng le hoja ho etsa seo ho ka ’na ha e-ba kotsi.

Na Onesmus o ile a opeloa le ho feta ha a ea libokeng tsa Bokreste? Le hanyenyane. Onesmus o re: “Ha ke le libokeng ho opeloa hoa kokobela.” O nahana hore o thusoa ke tšepo eo a seng a e-na le eona. Ha ’mè oa Onesmus a bona hore mora oa hae ha a sa ikutloa joaloka pele, o ile a thaba hoo a ileng a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. O re: “Ho sebeletsa Molimo ke setlhare ho mora oa ka.”

Ho e-s’o ee kae, Onesmus e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ha nako e ntse e-ea, o ile a kolobetsoa ’me hona joale ke mohlanka ea sebeletsang. Le hoja Onesmus a sa khone ho tsamaea le letsoho le leng la hae le sa sebetse, o lakatsa ho etsa sohle seo a ka se khonang tšebeletsong ea Jehova. O ne a batla ho ba pula-maliboho ea thusang empa a le lesisitheho. Hobane’ng? O ne a tseba hore ho tla hlokahala hore ho lule ho e-na le motho ea mo khannang ka setulo sa likooa. Ha a bolella Bakreste-’moho le eena se mo tšoenyang, ba ile ba re ba tla mo thusa. Ba ile ba fela ba mo thusa hore e be pula-maliboho ea thusang.

Onesmus o ne a batla ho ba pula-maliboho oa kamehla empa a tšoenyehile ka taba e tšoanang. Empa ka le leng, temana ea letsatsi e ile ea mo fa khothatso eo a e hlokang. E ne e tšohla Pesaleme ea 34:8, e reng: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.” Ka mor’a hore Onesmus a thuise ka lengolo leo, o ile a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho oa kamehla. Hona joale o ea tšimong hane ka beke ebile o na le lithuto tse ’maloa tsa Bibele tse hatelang pele hantle moeeng. Ka 2010, o ile a ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Onesmus o ile a thaba haholo hore ebe se ne se tšoere ke e mong oa barab’abo rōna ba babeli ba ileng ba mo etela ka lekhetlo la pele!

Onesmus ha a sa na batsoali, empa bara le barali babo rōna ka phuthehong baa mo hlokomela letsatsi le letsatsi. O ananela litlhohonolofatso tsohle tseo a li fumanang hona joale, ’me o lebeletse ka cheseho nako eo ka eona ho se nang “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esa. 33:24.