Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?

Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?

Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?

KA MOR’A lijo tsa ho qetela le baapostola ba hae, bosiung ba pele a bolaoa, Jesu o ile a tšepisa hore o tla ba putsa ka ho ba fa sebaka leholimong. O ile a re: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo. Ho seng joalo, nka be ke le boleletse, hobane ke il’o le lokisetsa sebaka.” (Johanne 14:2) Ke hobane’ng ha Jesu a tla ba fa sebaka leholimong? Ba tla etsa’ng teng?

Jesu o ne a nahanne ka mosebetsi oa bohlokoa oo barutuoa ba hae ba neng ba tla o etsa. Bosiung bona boo o ile a re: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (Luka 22:28, 29) Molimo o ne a tšepisitse Jesu hore e tla ba Morena ea tla fana ka seo batho ba hlileng ba se hlokang—e leng puso e khotsofatsang. Jesu o tla pholosa batho mahlomoleng a be a silakanye ba ba etsetsang bolotsana. Le hoja Jesu a tla ba le bafo “ho ea lipheletsong tsa lefatše,” o tla busa a le leholimong.—Pesaleme ea 72:4, 8; Daniele 7:13, 14.

Leha ho le joalo, Jesu a ke ke a busa a le mong. Ke kahoo a ileng a tšepisa baapostola ba hae ho ba fa sebaka leholimong. Ke bona ba pele ba ileng ba khetheloa ho “busa e le marena holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:10.

Ke ba bakae ba eang leholimong? Ho tšoana le mebuso e meng kaofela, babusi ba ’Muso oa Molimo oa leholimo ba ’maloa ha ba bapisoa le bafo bohle ba puso eo. Jesu o ile a re ho bohle ba tla busa le eena: “Le se ke la tšaba, mohlatsoana, hobane Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) Qetellong “mohlatsoana” oo o tla etsa palo ea ba 144 000. (Tšenolo 14:1) Palo eo ea fokola ha e bapisoa le batho ba limilione ba tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng e le bafo ba tšepahalang ba ’Muso oo.—Tšenolo 21:4.

Ka hona, hase batho bohle ba lokileng ba eang leholimong. Ka tsela e hlakileng, moapostola Petrose o ile a re ka Morena Davida ea lokileng: “Davida ha aa ka a nyolohela maholimong.” (Liketso 2:34) Johanne Mokolobetsi e ne e le motho ea lokileng. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re a ke ke a phahamisoa ho ea busa e le morena leholimong. Jesu o ile a re: “Har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa motho e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.”—Matheu 11:11.

Na U Tla Fumana Moputso oa Batho ba Lokileng?

Motho o lokela ho etsa’ng e le hore a fumane moputso oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng? Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Hlokomela hore lerato leo Molimo a ratang lefatše ka lona le etsa hore a fe bohle monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng, empa ha e le hantle ke ba “bontšang tumelo” feela ba tla fumana moputso oo.

Tumelo e lokela ho thehoa tsebong e nepahetseng. (Johanne 17:3) U ka bontša hore u motho ea lokileng ka ho ithuta ho eketsehileng ka seo Jehova a se rerileng ka batho. Bontša ka liketso hore u na le tumelo ho seo u ithutang sona, u be u kholisehe hore u hlile u na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Bibele e Ruta’ng?

Potso:

Ho etsahala’ng ha batho ba lokileng ba e-shoa?

Karabo:

“Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”MOEKLESIA 9:5.

Potso:

Batho ba lokileng ba na le tšepo efe ka bokamoso?

Karabo:

“Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.”JOHANNE 5:28, 29.

Potso:

Batho ba bangata ba lokileng ba tla phela hokae?

Karabo:

“Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”PESALEME EA 37:29.