Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 134

Bana ke Letlotlo

Bana ke Letlotlo

(Pesaleme ea 127:3-5)

  1. 1. Ha batho e ba batsoali

    Ba fumana tlotlo la bohlokoa,

    Kamehla ba hopole hore

    Ba le filoe ke Jehova.

    Ke eena ea ba tataisang

    Hore ba lule ba mo mamela,

    Hoba o fane ka bophelo

    ’Me ke Molimo ea lerato.

    (K’HORASE)

    Ke letlotlo le halalelang.

    Ke letlotlo la bohlokoa.

    Ba thuseng ho tseba Jehova

    Hore ba hl’onolofatsoe.

  2. 2. Taelo tsohle tsa Molimo,

    Lulang le li hopola kamehla.

    Le li rute bana ba lona.

    Le ba filoe, ke letlotlo.

    Ba rupeleng ha le le tseleng,

    Ha le tsoha le ha le phomotse.

    E s’e ka ba ka li hopola

    ’Me ba lula ba tšepahala.

    (K’HORASE)

    Ke letlotlo le halalelang.

    Ke letlotlo la bohlokoa.

    Ba thuseng ho tseba Jehova

    Hore ba hl’onolofatsoe.