Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 56

Rata Jehova, U mo Mamele

Rata Jehova, U mo Mamele

(Liproverbia 3:1, 2)

  1. 1. Ho mamela Jah ho molemo haholo.

    Ke eona ntho e re thabisang.

    Kahoo e-ba le tumelo ho Jehova.

    Mamela keletso tsa hae.

    (K’HORASE)

    Rata Jehova.

    Mamela Lentsoe la hae.

    U tla thaba

    Ha u mo mamela,

    U mo rata kamehla.

  2. 2. Boiteko ba hao le eona nako ea hao

    Tšebeletsong ena ea ’Muso

    Li tla’u tlisetsa bophelo bo sa feleng.

    U tla hlohonolofatsoa.

    (K’HORASE)

    Rata Jehova.

    Mamela Lentsoe la hae.

    U tla thaba

    Ha u mo mamela,

    U mo rata kamehla.

  3. 3. Ha re bapisoa le Jehova re bana

    ’Me re hloka tataiso ea hae.

    Kahoo a re mameleng Ntate oa rona

    ’Me a re hlo’nolofatse.

    (K’HORASE)

    Rata Jehova.

    Mamela Lentsoe la hae.

    U tla thaba

    Ha u mo mamela,

    U mo rata kamehla.