Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 57

A re Ruteng Batho Bohle

A re Ruteng Batho Bohle

(1 Timothea 2:4)

  1. 1. Re etsiseng Jehova Molimo

    ’Me re se be leeme ho batho.

    Re rute batho ba chaba tsohle.

    ’Mopi o batla ho ba pholosa.

    (K’HORASE)

    Re ruteng batho bohle,

    Hore ba tle ba tsebe

    Litaba tse molemo tsa ’Muso.

    Kaha re rata batho,

    Re ba thusa kaofela

    Hore e be metsoalle ea ’Mopi.

  2. 2. Re se ke ra ba ahlola ho hang.

    Re amehe ka pelo tsa bona.

    Jehova o bona se ka pelong.

    A ka thusa ba ntseng ba mo batla.

    (K’HORASE)

    Re ruteng batho bohle,

    Hore ba tle ba tsebe

    Litaba tse molemo tsa ’Muso.

    Kaha re rata batho,

    Re ba thusa kaofela

    Hore e be metsoalle ea ’Mopi.

  3. 3. Jehova o amohela bohle

    Ba fetolang bophelo ba bona.

    Re tla phatlalatsa taba ena,

    Re rute batho ka ’Muso oa hae.

    (K’HORASE)

    Re ruteng batho bohle,

    Hore ba tle ba tsebe

    Litaba tse molemo tsa ’Muso.

    Kaha re rata batho,

    Re ba thusa kaofela

    Hore e be metsoalle ea ’Mopi.