Fetela boitsebisong

Na Lipaki Tsa Jehova ha li Batle ho Hlaba Ente ea Coronavirus?

Na Lipaki Tsa Jehova ha li Batle ho Hlaba Ente ea Coronavirus?

 Ha ho joalo. Lipaki Tsa Jehova ha li hane ho hlaba ente eo. Ho hlaba ente ke qeto ea Mokreste ka bomong. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li khetha ho hlaba ente ena.

 Re sheba phekolo ea boleng bo holimo ’me re ananela haholo tsoelo-pele eo ba tsa bongaka bo e ntsang ho fokotsa lefu lena le bolaeang. Re ananela haholo boitelo le mosebetsi o thata oo litsebi tsa bophelo bo botle li o etsang nakong ena e thata.

 Lipaki Tsa Jehova li mamela keletso eo ba tsa bophelo bo botle ba fanang ka eona. Ka mohlala ho tloha ha seoa sena sa Coronavirus se qala, haesale Lipaki Tsa Jehova li ntse li ngola ka lihlooho tse buang ka mokhoa oa ho itšireletsa, tse hlahang ka lipuo tse makholo websaeteng ena. Sena se akarelletsa ho se atamele pel’a batho ba bang, ho mamela tataiso e fanoeng tabeng ea ho ba moo batho ba leng bangata, ho ikarola, ho hlapa matsoho, ho roala maske le ho etsa lintho tse ling tseo ba boholong ba laetseng hore li etsoe.​—Baroma 13:1, 2.

 Ka lilemo tse ngata, haesale lingoloa tsa Lipaki Tsa Jehova li ntse li hlakisa lintlha tse latelang tsa Bibele.

  •   Ke qeto ea motho ka bomong hore na o khetha kalafo efe.​—Bagalata 6:5.

     “[Makasine ena] ha o khothalletse moriana leha e le ofe ho feta e meng kapa phekolo leha e le efe ho feta e ’ngoe, ebile ha o fane ka keletso litabeng tsa bongaka. Empa feela o hatisa lintlha tsa bohlokoa le ho thusa ’mali hore a iketsetse liqeto.”​—Tsoha!, February 8, 1987 (ea Senyesemane).

     Taba ea hore uena le bana ba hao le lokela ho hlaba ente ke qeto eo u lokelang ho iketsetsa eona.”​—Tsoha!, August 22, 1965 (ea Senyesemane).

  •   Re batla phekolo hobane re nka bophelo e le ba bohlokoa.​—Liketso 17:28.

     “Lipaki li ea ngakeng haeba li kula bakeng sa ho kopa thuso. Li rata bophelo ’me li etsa sohle seo li ka se khonang hore li phele nako e telele ha feela se se khahlanong le seo Bibele e se buang.”​—Molula-Qhooa, July 1, 1975 (ea Senyesemane).

     “Lipaki Tsa Jehova li amohela meriana le ho phekoloa ke lingaka. Li batla hore li lule li phela hantle le hore li phele nako e teletsana. Haele hantle, joalo ka Mokreste oa lekholong la pele la lilemo Luka, Lipaki Tsa Jehova tse ling le tsona ke lingaka. . . . Lipaki Tsa Jehova li ananela haholo mosebetsi o boima le boitelo ba lingaka. Li boetse li thabela phekolo e amohelehang eo batho bao ba fanang ka eona.”​—Molula-Qhooa, February 1, 2011.