Fetela boitsebisong

Na le Amohela Phekolo ea Lingaka?

Na le Amohela Phekolo ea Lingaka?

E, Lipaki Tsa Jehova li amohela meriana le ho phekoloa ke lingaka. Le hoja re leka ho hlokomela ’mele ea rōna, ka linako tse ling re “hloka ngaka.” (Luka 5:31, Easy-to-Read Version) Ha e le hantle, joaloka Mokreste oa lekholong la pele Luka, Lipaki tse ling tsa Jehova ke lingaka.—Bakolose 4:14.

Leha ho le joalo, mekhoa e meng ea phekolo e khahlanong le melao-motheo ea Bibele ’me ha re e amohele. Ka mohlala, ha re amohele tšelo ea mali hobane Bibele ha e lumelle batho ho ja mali. (Liketso 15:20) Ka ho tšoanang, Bibele e hanela batho ho sebelisa mekhoa ea phekolo e amanang le boloi.—Bagalata 5:19-21.

Leha ho le joalo, mefuta e mengata ea phekolo ha e khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Kahoo, motho o lokela ho iketsetsa qeto. Paki e ’ngoe e ka ’na ea khetha ho amohela moriana kapa phekolo e itseng, empa e ’ngoe ea khetha ho phekoloa ka tsela e fapaneng.—Bagalata 6:5.