Fetela boitsebisong

Mosebetsi oa Lōna o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Mosebetsi oa Lōna o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Tsela e ka sehloohong eo mosebetsi oa rōna oa boboleli o tšehetsoang ka eona ka lichelete ke ka menehelo ea boithatelo eo Lipaki Tsa Jehova li e ntšang. Libokeng tsa rōna ha ho ntšoe koleke, ’me ha ho hlokahale hore litho li ntš karolo ea leshome. (Matheu 10:7, 8) Ho e-na hoo, ho behoa mabokose a monehelo libakeng tseo re tšoarelang liboka ho tsona e le hore ea ratang ho ntša monehelo, a etse joalo. Bafani ha ba boleloe ka mabitso.

Lebaka le leng le etsang hore litšenyehelo tsa rōna li be tlaase ke hore ha re na baruti ba lefuoang. Ho feta moo, Lipaki ha li lefuoe ha li ea ka ntlo le ntlo, ’me libaka tsa rōna tsa borapeli li maemong a itekanetseng.

Monehelo o fetisetsoang liofising tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova o sebelisetsoa ho thusa batho ba hlasetsoeng ke likoluoa tsa tlhaho, ho thusa baromuoa le balebeli ba tsamaea, o thusa ho haha libaka tsa borapeli linaheng tse tsoelang pele le ho hatisa Bibele le libuka tse ling tsa Bokreste esita le ho li romela.

Motho ka mong o etsa qeto ea hore na o batla ho ntša chelete ea ho lefella litšenyehelo tsa phutheho, mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle, kapa ka bobeli. Phutheho ka ’ngoe e lula e tlalehela litho tsa eona ka boemo ba lichetele.