Fetela boitsebisong

Na le Ntša Karolo ea Leshome?

Na le Ntša Karolo ea Leshome?

Che, Lipaki Tsa Jehova ha li ntše karolo ea leshome; mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ka lichelete tse fanoang ka boithatelo ke batho ba sa ipoleleng mabitso. Karolo ea leshome ke eng, hona ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa e ntše?

Taelo ea ho ntša karolo ea leshome ea seo motho a nang le sona, e ne e le karolo ea Molao o neng o filoe sechaba sa boholo-holo sa Iseraele. Empa Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molao ona—o akarelletsang “taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome”​—ha o ame Bakreste.​—Baheberu 7:5, 18; Bakolose 2:13, 14.

Ho e-na le ho ntša karolo ea leshome le ho etsa mahlabelo, Lipaki Tsa Jehova li etsisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ’me li tšehetsa mosebetsi oa tsona ka litsela tse peli: ka ho bolella batho molaetsa oa Bibele le ho ba ruta ntle ho tefo le ka ho fana ka monehelo oa boithatelo.

Kahoo re latela taelo eo Bakreste ba e filoeng ka Bibeleng, e reng: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakorinthe 9:7.