Fetela boitsebisong

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke Fumane Maruo a ’Nete

Ke Fumane Maruo a ’Nete
  • Ke Hlahile Ka: 1968

  • Naha ea heso: Amerika

  • Pele: Ke ne ke le mookameli oa khoebo ke rapella ho rua

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

 Ke holisitsoe ke le Mok’hatholike Rochester, New York. Batsoali ba ka ba ile ba arohana ha ke le lilemo li robeli. Har’a beke ke ne ke lula le ’mè oa ka sebakeng seo ho lulang mafutsana, ebe mafelo beke ke lula le ntate oa ka moo ho lulang barui. Ha ke ne ke bona kamoo ’mè oa ka a neng a sotlehile kateng ha holisa bana ba tšeletseng ke ne ke batla ho ba morui e le nka thusa lelapa leso.

 Ntate oa ka o ne a batla hore ke atlehe bophelong, kahoo o ile a lokisetsa hore ke chakele sekolo se hlomphehang se koetlisetsang batho ho okamela lihotele. Ke ile ka se rata haholo ’me ka ingolisa kaha ke ne ke lumela hore Molimo o araba thapelo ea ka ea hore ke be morui le hore ke thabe. Ke ile ka ithuta ho okamela lihotele, molao oa khoebo le ho sebetsana le lichelete tsa khoebo ka lilemo tse hlano ha ka nako e tšoanang ke ne ke sebetsa hoteleng ea k’hasino Las Vegas, Nevada.

Mosebetsi oa ka o ne o akareletsa ho hlokomela barui ba tl’o becha

 Ha ke le lilemo li 22 ke ne ke le mothusi oa motlatsi oa mopresidente oa hotele ea k’hasino. Ke ne ke nkoa ke le morui ebile ke atlehile. Hangata ke ne ke ja lijo tse turang, ke noa mefuta ea veine le joala bo turang ka ho fetisisa. Metsoalle ea ka ea khoebo e ne e lula e re, “hopola hore chelete ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.” Ba ne ba nka chelete e le eona ntho e etsang hore motho a thabe e le kannete.

 Mosebetsi oa ka o ne o akareletsa ho hlokomela barui ba tlileng papaling ea ho becha Las Vegas. Le hoja ba ne ba ruile haholo, ba ne ba shebahala ba sa thaba. Le ’na ke ile ka qala ho ikutloa ke sa thaba. Ha ke ntse ke rua ho ea pele, ke ne ke lula ke tšoenyehile ebile ke sa robale hantle. Ke ne ke ipotsa hore na ho sa na le thuso ea ho phela. Ke ne ke sa thabele bophelo ba ka ho hang, kahoo ke ile ka botsa Molimo ka re, “Nka fumana thabo ea sebele hokae?”

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

 Ka nako eo, likhaitseli tsa ka tse peli tseo e neng e se e le Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fallela Las Vegas. Le hoja ke ne ke hana ho nka lingoliloeng tsa bona, ke ile ka lumela ho bala Bibele ea ka le bona. Phetolelong ea Bibele eo ke neng ke e sebelisa, mantsoe a buuoeng ke Jesu a ne a ngotsoe ka mongolo o mofubelu. Kaha ke ne ke lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a e buileng, likhaitseli tsa ka li ile tsa bua haholo ka lithuto tsa Jesu. Ke ne ke bala Bibele le ha ke le mong.

 Ke ne ke makatsoa ke lintho tse ngata tseo ke neng ke li bala. Ka mohlala, Jesu o itse: “Ha le rapela, le se ke la bebera joaloka bahetene, ba nahanang hore ba tla utluoa ka lebaka la mantsoe a bona a mangata.” (Matheu 6:​7, The New American Bible ka Senyesemane) Leha ho le joalo, moruti o ne a mphile setšoantšo sa Jesu a bile a itse haeba ke rapela setšoantšo seo ’me ke pheta-pheta thapelo ea Ntata Rona ea Maholimong le ea Ahe Maria ka makhetlo a leshome, Molimo o ne a tla mpha chelete eohle eo ke e batlang. Ke ile ka hlokomela hore ha ke pheta-pheta lithapelo tseo, ke ne ke bebera mantsoe feela a sa reng letho ho ’na. Hape ke ile ka bala mantsoe a Jesu a reng: “U se ke oa bitsa mang kapa mang ea lefatšeng ntate oa hao, u na le Ntate a le mong leholimong.” (Matheu 23:​9, NAB ka Senyesemane) Kahoo, ke ile ka ipotsa ka re, ‘Ke hobane’ng ha ’na le Mak’hatholike a heso re bitsa baruti ba rona “Ntate”?’

 Ka mor’a hore ke bale lengolo la Jakobo, ke ile ka qala ho nahana ka ho teba ka tsela eo ke neng ke phela ka eona. Khaolong ea 4 Jakobo o re: “Na ha u tsebe hore ho rata lefatše ho bolela bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho rata lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:​4, NAB ka Senyesemane) Ke ile ka hlolloa haholo ke temana ea 17 e reng: “Haeba motho a tseba ntho e nepahetseng e lokelang ho etsoa empa a sa e etse, ke sebe.” Ke ile ka bitsa likhaitseli tsa ka eaba ke li bolella hore ke tlohela mosebetsi oa k’hasino le oa hoteleng hobane o ne o etsa hore ke kenelle linthong tseo ke neng ke se ke nka li sa amohelehe tse kang ho becha le meharo.

“Ka mor’a hore ke bale lengolo la Jakobo ke ile ka qala ho nahana ka ho teba ka hore na ke batla ho etsa’ng ka bophelo ba ka”

 Ke ne ke batla ho lokisa setsoalle sa ka le Molimo, le batsoali ba ka le bana beso. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea phela bophelo bo itekanetseng e le hore ke tle ke be le nako eo ke e hlokang hore ke etse seo. Leha ho joalo, ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho. Ka mohlala, ke ile ka fumana menyetla e hlamatsehang ea ho sebetsa lihoteleng tse nang le lik’hasino ke na le maemo a fetang a pele ebile moputso oa ka o imenne habeli kapa hararo. Ka mor’a hore ke rapelle taba ena, ke ile ka etsa qeto ea hore ha ke sa batla bophelo bona. Ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka eaba ke lula ka karacheng ea ’mè oa ka ’me ka qala khoebo e nyenyane ea ho koahela li-menu tsa li reschorente ka polasetiki (laminate).

 Le hoja Bibele e ne e nthusitse hore ke etse liqeto tsa bohlokoa, ke ne sa ee libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Likhaitseli tsa ka li ile tsa mpotsa hore na ho na le ntho eo ke sa e rateng ka Lipaki. Ke ile ka araba ka ho re: “Ke hobane Molimo oa lona Jehova, o arola malapa. Nako feela eo nka e qetang ke e-na le lelapa leso ke ka keresemese le ka matsatsi a tsoalo ’me ha le keteke matsatsi ao.” Khaitseli ea ka e ’ngoe e ile ea qala ho lla eaba e re: “Matsatsi a mang a selemo u a qeta u le hokae? Re batla ho ba le uena neng kapa neng. Leha ho le joalo, u batla ho tla feela ka matsatsi a phomolo le teng hobane feela u utloa u tlamehile.” Mantsoe a hae a ile a nkama pelo habohloko eaba ke lla le eena.

 Eitse ha ke hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li rata ba malapa a bo tsona, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke fositse eaba ke etsa qeto ea ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Ke moo ke ileng ka kopana le ntate Kevin ea nang le boiphihlelo ba ho ruta Bibele eaba o qala ho ithuta Bibele le ’na.

 Ntate Kevin le mofumahali oa hae ba ne ba phela bophelo bo itekanetseng e le hore ba be le nako e ngata kamoo ho ka khonehang ea hore ba thuse batho ho utloisisa Bibele. Ba ne ba etsa chelete e lekaneng ho koahela litšenyehelo tse eketsehileng tsa ho ea Afrika le Amerika Bohareng moo ba neng ba thusa ho haha mehaho ea makala a Lipaki. Ba ne ba thabile haholo ebile ba ratana. Ke ile ka re, ‘Bona ke bona bophelo boo ke bo batlang.’

 Ntate Kevin o ile a nchebellisa video e bontšang kamoo ba thabileng kateng tšebeletsong ea bona ea boromuoa ’me ke ile ka etsa qeto ea hore le ’na ke sona seo ke se batlang. Ka mor’a hore ke qete likhoeli tse tšeletseng ke ithuta Bibele ka matla, ke ile ka kolobetsoa ka 1995 ’me ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ho e-na le hore ke rapelle ho rua, ke ile ka qala ho rapela Molimo tumellanong le mantsoe ana: “U se ke oa mpha bofutsana kapa maruo.”​—⁠Liproverbia 30:8.

MELEMO EO KE E FUMANENG

 Hona joale ke morui oa ’nete, ha ke morui oa chelete empa ke morui hobane ke motsoalle oa Molimo ebile ke thabile e le kannete. Ke ile ka kopana le mofumahali oa ka eo ke mo ratang haholo Nuria ha ke le Honduras ’me re ile ra sebetsa hammoho re le baromuoa Panama le Mexico. Ruri ha ho na ’nete e fetang e mantsoeng ana: “Tlhohonolofatso ea Jehova ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko”!​—⁠Liproverbia 10:22.