Fetela boitsebisong

BIBELE E FETOLA BATHO

“Ke ne ke sa hloke letho”

“Ke ne ke sa hloke letho”
  • KE HLAHILE KA: 1962

  • NAHA EA HESO: Canada

  • PELE: Boitšoaro bo bobe

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

Ke hlahetse motse moholo Montreal seterekeng sa Quebec Canada. ’Na le bana beso ba bararo re holetse motseng o hantle oa Rosemont, re holisoa ke batsoali ba re ratang haholo. Re ne re phela ka khutso le khotso.

Ha ke ntse ke le moshanyana ke ile ka rata Bibele. Ke hopola ha ke le lilemo li 12, ke bala Testament e ncha e buoang ka bophelo ba Jesu ’me ke ile ka e thabela haholo. Ke ne ke hlolloa ke tsela eo a neng a rata batho ka eona le kamoo a neng a ba tsotella kateng ’me ke ne ke batla ho tšoana le eena. Ka masoabi, boikutlo boo ke neng ke e-na le bona bo ile ba fela ha ke ntse ke hola kaha ke ile ka tloaelana le batho ba fosahetseng.

Ntate oa ka e ne e le seletsi sa saxophone, o ile a mpha sona a ba nthatisa ’mino haholo hoo e ileng ea e-ba eona ntho e tlang pele bophelong ba ka. Ke ile ka rata ’mino haholo hoo ke ileng ka ba ka ithuta ho letsa katara. Ka mor’a nako ke ile ka theha sehlopha se binang ’mino oa rock le metsoalle e meng eaka ’me re ’ne re o bapala libakeng tse fapakaneng. Bahlahisi ba bang ba ’mino ba neng ba hlaheletse ba ile ba rata ’mino oa rona hoo ba ileng ba kopa ho sebetsa le rona. Ke ile ka saena konteraka le k’hamphani e kholo e hatisang ’mino. ’Mino oa ka o ne o ratoa haholo hoo o neng o bapaloa hangata seea-le-moeeng sa Quebec.

Ke ne ke e-na le ntho e ’ngoe le ’ngoe eo ke neng ke e batla. Ke ne ke le mocha ke tumme ke bile ke etsa ntho eo ke e ratang e mphang chelete e ngata. Motšehare ke ne ke ikoetlisa (gym), ke kopana le bo ralitaba ba mpotsa lipotso, ke e-ea moo batho ba batlang hore ke tl’o saena eng kapa eng ea bona hore ba ne ba nkhopole (autograph sessions) ke bile ke hlaha thelevisheneng. Bosiu ke ne ke bapala ’mino libakeng tse fapakaneng ke bile ke e ea le liphathing. E le hore ke be sebete ha ke eme ka pel’a letšoele, ke ile ka qala ho noa joala ke sa le monyane eaba hamorao ke fetela lithethefatsing. Ke ne ke sa tsotelle ebile boitšoaro baka bo le bobe.

Batho ba bang ba ne ba khalla tsela eo ke neng ke phela ka eona kaha ke ne ke bonahala eka ke thabile. Empa botebong ba pelo teng, ke ne ke utloa eka ho na le ho hong ho haellang, haholo holo ha ke ne ke le mong. Ke ne ke tepelletse maikutlo ke bile ke tšoenyehile. Ka bomalimabe, nakong eo lintho li neng li ntsamaela hantle haholo bahlahisi ba bang ba ’mino bao ke neng ke sebetsa le bona ba ile ba bolaoa ke AIDS. Ke ne ke tšohile haholo. Le hoja ke ne ke rata ’mino, ke ne ke nyonya bophelo bo tsamaisang le oona.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Ho sa tsotellehe tsela eo ke neng ke atlehile ka eona, ke ile ka hlokomela hore ho ne ho e-na le ho hong ho seng hantle ho etsahalang lefatšeng. Ke ile ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho tletse ho hloka toka hakaale lefatšeng ’me Molimo a sa nke khato. Ke ne ke bile ke rapella hore Molimo a mphe likarabo. Ha ke ne ke le phomolong ke sa ee libakeng tse fapakaneng ho il’o bina, ke ile ka qala ho bala Bibele hape. Le hoja ke ne ke sa utloisise boholo ba lintho tseo ke neng ke li bala, ke ile ka fihlela qeto ea hore e tlameha ebe lefatše le haufi le ho fela.

Ha ke ntse ke bala Bibele, ke ile ka fumana hore ka lekhetlo le leng Jesu o ile a qeta matsatsi a 40 itima lijo lehoatateng. (Matheu 4:​1, 2) Ke ne ke nahana hore haeba nka mo etsisa, mohlomong Molimo o ne a tla etsa hore ke mo tsebe. Kahoo ke ile ka ipehela letsatsi leo ke tla qala ka lona. Libeke tse peli pele ke qala, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa fihla ho ’na eaba kea li amohela joalokaha eka ke ne ke se ntse ke li lebeletse. Ke ile ka sheba e mong oa tsona e leng Jacques ka har’a lithaka tsa mahlo eaba kea mo botsa, “Re ka tseba joang hore re phela matsatsing a ho qetela?” O ile a mpalla 2 Timothea 3:​1-5. Ke ile ka ba foqa lipotso tse ling ’me ka hlolloa ke tsela e hlakileng le e khotsofatsang eo ba neng ba li araba ka eona e neng e thehiloe Bibeleng. Ka mor’a hore ba nketele matsatsi a seng makae, ke ile ka hlokomela hore ha hona lebaka la hore ke itime lijo.

Ke ile ka qalella ho ithuta Bibele kamehla le Lipaki. Hamorao ke ile ka kuta moriri oa ka o molelele eaba ke qalella ho ea libokeng tsohle tsa Lipaki holong ea tsona e haufi. Tsela e mofuthu eo ba ileng ba nkamohela ka eona e ile ea tsoela pele ho nkholisa hore ke fumane ’nete.

Leha ho le joalo, e le hore ke kenye lintho tseo ke ithutileng tsona tšebetsong ke ne ke tlameha ho etsa liphetoho tse kholo bophelong baka. Ka mohlala, ke ne ke tlameha ho tlohella ho sebelisa lithethefatsi tse seng molaong le boitšoaro baka bo bobe. Ke ne ke boetse ke lokela ho tlohella ho icheba bonna feela empa ke nahane le ka batho ba bang. Joaloka motsoali a le mong ke ne ke tlameha ho ithuta ho hlokomela bana baka ba babeli maikutlong le moeeng. Ke ile ka tlohella ’mino eaba ke sebetsa femeng e patalang chelete e nyane.

Ho etsa liphetoho tsena ho ne ho se bonolo. Ha ke ntse ke sebeletsa ho tlohella lithethefatsi, ke ile ka ba le litla-morao tse bohloko tse bakoang ke ho li tlohella ’me ke ne ke khutlela ho tsona hangata. (Baroma 7:​19, 21-​24) E ile ea e-ba ntoa ho tlohella boitšoaro bo litšila. Hape, mosebetsi oa ka o mocha o ne o nkhathatsa haholo, le chelete ea teng e nyahamisa e le nyane. Ho ne ho nkuka likhoeli tse tharo hore ke fumane chelete e lekanang le eo ke neng ke e fumana ka lihora tse peli feela ’minong.

Thapelo e ile ea nthusa haholo hore ke etse liphetoho tsena tse thata. Ke ile ka boela ka hlokomela hore ho bala Bibele le hona ho oa thusa. Ho na le litemana tse ling tseo ka ho khetheha li nkhothalitseng haholo. E ’ngoe ea tsona ke 2 Bakorinthe 7:1 e khothalletsang Bakreste hore ba ‘itlhatsoe litšileng tsohle tsa nama le tsa moea.’ Temana e ’ngoe e ileng ea nkholisa hore hoa khoneha hore ke tlohelle mekhoa eaka e sa rateheng ke Bafilipi 4:​13 e reng: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” Jehova Molimo o ile a araba lithapelo tsa ka a ba a nthusa ho hore ke qetelle ke utloisisa melao-motheo ea Bibele le ho e sebelisa. Sena se ile ntšusumelletsa hore ke inehele ho eena. (1 Petrose 4:​1,  2) Ka 1997 ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba Paki ea Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Ke kholisehile hore hoja ke ile ka tsoela pele ke phela bophelo boo ke neng ke bo phela khale, hona joale nka be ke se ke shoele. Empa hona joale ke thabile e le kannete ebile ke phela hamonate. Mohatsa oa ka Elvie eo ke ileng ka mo nyala ka mor’a hore ke ithute Bibele e bile tlhohonolofatso e kholo bophelong baka. Ka bobeli re thabela ho ruta batho Bibele kaha re baboleli ba ’Muso (bao hona joale ba bitsoang bo-pula-maliboho). Sena se ntlisetsa thabo e kholo le khotsofalo. Ke leboha Jehova e le kannete ka hore e be o ile a nkhulela ho eena.​—Johanne 6:44.