Feta

Re ile ra Etsa Qeto ya ho Bebofatsa Bophelo ba Rona

Re ile ra Etsa Qeto ya ho Bebofatsa Bophelo ba Rona

 Madián le Marcela ba ne ba phela bophelo bo mabothobotho Medellín e Colombia. Mosebetsi wa Madián o ne o mo patala tjhelete e ngata mme ba dula ntlong e ntle. Empa ho na le ntho e ileng ya etsahala e ileng ya ba thusa hore ba hlahlobe hore na ke ntho efe ya bohlokwa bophelong ba bona jwalo ka bahlanka ba Jehova Modimo. Ba ile ba re: “Re ile ra ya kopanong e kgethehileng ya letsatsi le le leng e neng e na le sehlooho se reng ‘Boloka Leihlo la Hao le Tadimile Nqa e le Nngwe’ ka 2006. Dipuo tse ngata di ne di hatisa taba ya hore re bebofatse bophelo ba rona e le hore re ka kgona ho sebeletsa Modimo ka botlalo. Ka mora kopano, re ile ra elellwa hore rona re etsa se fapaneng le seo. Re ne re rata ho reka dintho tseo re sa di hlokeng mme dikoloto di ne di thiba letsatsi.”

 Ka mora kopano eo, Madián le Marcela ba ile ba qala ho bebofatsa bophelo ba bona. Ba re: “Re ile ra qala ho fokotsa ditshenyehelo tsa rona yaba re fallela ntlong e nyane, ra rekisa koloi ya rona mme ra reka sethuthuthu.” Ho ekelletsa moo, ba ile ba fokotsa ho ya dishopong e le hore ba se ke ba lekeha ho reka dintho tseo ba sa di hlokeng. Ba ile ba qala ho buisana haholwanyane le baahisane ba bona ka Bibele. Hape ba ile ba qeta nako le metswalle e tjhesehang e neng e le bopulamadiboho ba kgethehileng. a

 Madián le Marcela ba ile ba etsa qeto ya hore ba eketse tshebeletso ya bona ka hore ba ye phuthehong e nyane e mahaeng e neng e hloka thuso. Madián o ile a tlameha hore a tlohelle mosebetsi wa hae e le hore ba ka kgona ho falla. Monga hae o ile a re ha a nke hantle ha a mo bolella hore o batla ho tlohella mosebetsi. Madián o ile a mo hlalosetsa mabaka a hae yaba o re ho yena: “O kgola tjhelete e ngata, empa na o thabile?” O ile a re ha a thaba hobane o na le mathata a mangata ao a sa kgoneng ho a rarolla. Yaba Madián o re: “Wa bona, ha se hore na o kgola tjhelete e ngata hakae empa ke ho etsa ntho e tla o thabisa. Nna le mosadi waka re thabiswa ke ho ruta batho ka Modimo mme re batla ho eketsa thabo ya rona ka hore re qete nako e ngata mosebetsing wona.”

 Madián le Marcela ba kgotsofetse mme ba thabile haholo hobane ho sebeletsa Jehova ke ntho ya bohlokwa bophelong ba bona. E se e le dilemo tse 13 jwale ba sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo diphuthehong tse ka leboya bophirimela Colombia. Hona jwale ba thabile mme ba sebeletsa e le bopulamadiboho ba kgethehileng.

a Bopulamadiboho ba kgethehileng ba kgethwa ke ofisi ya lekala la Dipaki Tsa Jehova le sebakeng seo, e le hore ba ka bolela ditaba tse molemo ka nako e tletseng dibakeng tse ding. Ba fumana tjhelete e seng kae e le hore ba ka kgona ho reka dintho tseo ba di hlokang.