Feta

1 MARCH 2018
RUSSIA

Lekgotla la Oryol le Tla Tswellisa Nyewe ya Dennis Christensen ka la 3 April 2018

Lekgotla la Oryol le Tla Tswellisa Nyewe ya Dennis Christensen ka la 3 April 2018

Ka la 26 February 2018, nyewe ya tlolo ya molao ya Dennis Christensen e ile ya qala Zheleznodorozhniy, Lekgotleng la Setereke la Oryol. Ho ne ho na le batho ba bangata ba neng ba tlile kgotla ho tla tshehetsa morabo rona Christensen. Ho ne ho boetse ho tlile moemdi wa Ofisi ya Lenqosa e Denmark, Jeanne Christina Demirci, ya tswang Moscow. Ha ho mamelwa nyewe e ileng ya nka hora, Moahlodi Aleksey Rudnev o ile a etsa tlhahiso ya hore Moraborona Christensen le babuelli ba hae ba molao ba fuwe nako e eketsehileng ya ho hlahloba difaele tsa nyewe ena. Pele ho nyewe, Lekgotla la Setereke la Sovetskiy le ile la mo hanela ka tokelo ena yaba le mo fa dibeke tse pedi feela hore a hlahlobe faele e maqephe a 2 500 ka puo ya Russia. Moahlodi Rudnev o ile a re nyewe ena ya tlolo ya molao e tla tswela pele ka la 3 April 2018, ka 10:30 hoseng. Pele ho moo, Morabo rona Christensen o ne a ntse a kwalletswe ha a emetse hore nyewe ya hae e qale.