Feta

BATJHA BA A BOTSA

Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?

Ke Hobaneng ha ke Lokela ho Rapela?

 Dipalopalo tsa America di bontsha hore boholo ba batjha ba a rapela, empa ke halefo ya bona feela e rapelang letsatsi le leng le le leng. Sena ha se makatse hobane ba bang ba a ipotsa hore na thapelo ke tsela ya hore motho a imolohe maikutlong, kapa ho akarelletsa se fetang moo?

 Thapelo keng?

 Thapelo ke puisano e pakeng tsa motho le Mmopi wa dintho tsohle. Nahana hore na seo se bolelang! Jehova o phahametse batho, empa ha a “hole le e mong le e mong wa rona.” (Liketso 17:27) Haele hantle, Bibele e re ho rona: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8.

 O ka atamela haufi le Modimo jwang?

  •   Tsela e nngwe ke ka thapelo​—ke yona tsela eo o buang le Modimo ka yona.

  •   Tsela e nngwe ke ka ho bala Bibele​—ke yona tsela eo Modimo a “buang” le wena ka yona.

 Puisano ena​—e leng ho rapela le ho ithuta Bibele​—e tla o thusa hore o hahe setswalle se matla le Modimo.

 “Ho bua le Jehova​—ho buisana le ya Matla Ohle​—Ke o mong wa menyetla e meholo eo motho a ka bang le yona.”​—Jeremy.

 “Ho bolella Jehova maikutlo a ka a tebileng ka thapelo, ho etsa hore ke ikutlwe ke atametse haufi le yena.”​—Miranda.

 Na Modimo o mametse?

 Le ha o dumela ho Modimo​—ebile o mo rapela​—ho ka ba thata hore o dumele hore ka nnete wa re mamela. Le ha ho le jwalo, Bibele e re Jehova ke “Ya Utlwang thapelo.” (Pesaleme ya 65:2) Ebile e re mema hore re ‘lahlele matshwenyeho ohle a rona ho yena.’ Hobaneng? ‘Hobane wa re tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

 Seo o ka nahanang ka sona: Na o ipha nako ya ho bua le metswalle ya hao kgafetsa? O ka etsa se tshwanang ha o bua le Modimo. Bua le yena kgafetsa mme o sebedise lebitso la hae e leng Jehova ha o rapela. (Pesaleme ya 86:5-7; 88:9) Le Bibele ya re kgothaletsa e re: “Rapelang le sa phetse.”​—1 Bathesalonika 5:17.

 “Thapelo ke puisano e pakeng tsa ka le Ntate wa ka wa lehodimo, ka yona ke kgona ho tshollela pelo ya ka yohle ho yena.”​—Moises.

 “Ke bua le Jehova ka dintho tse tebileng tseo ke neng ke tla di bua le mme wa ka kapa le motswalle ya haufi.”​—Karen.

 Keng seo nka se rapellang?

 Bibele e re: “Nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi hammoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo.”​—Bafilipi 4:6.

 Na see se bolela hore ho lokile hore o rapele ka mathata a hao? Ho jwalo! Haele hantle Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa.”​—Pesaleme ya 55:22.

 Ke nnete hore sena ha se bolele hore o tla bua ka mathata a hao feela. Chantelle ya dilemo tse 23 o re: “Ke ne ke tla senya setswalle sa ka le Jehova haeba ke ne ke tla dula ke mo kopa thuso feela. Ho leboha Jehova e lokela ho ba nthong e tlang pele, le hore dintho tseo ke di lebohang di lokela ho ba ngata ho feta tseo ke di kopang.”

 Seo o ka nahanang ka sona: Ke dintho di fe tseo o di lebohelang? Na o ka nahana ka dintho tse tharo tseo o ka lebohang Jehova ka tsona kajeno?

 “Le ntho e nyane jwalo ka ho sheba lelomo, ho ka o susumelletsa hore o rapele Jehova mme o mo lebohe.”​—Anita.

 “Nahanisisa ka e nngwe ya dintho tseo kgahlileng popong ya Jehova kapa temana ya Bibele eo o e ratang mme ka mora moo o lebohe Jehova.”​—Brian.