Feta

Bibele e Reng ka ho Ntsha Mpa?

Bibele e Reng ka ho Ntsha Mpa?

Karabo ya Bibele

 Bibele ha e sebedise polelwana “ho ntsha mpa” ka kutlwisiso ya ho ntsha lesea ka popelong. Le ha ho le jwalo, ditemana tse ngata tsa Bibele di bontsha ka moo Jehova a ikutlwang ka teng ka bophelo ba motho ho akarelletsa le ba ngwana ya eso hlahe.

 Bophelo ke mpho e tswang ho Modimo. (Genese 9:6; Pesaleme ya 36:9) O nka bophelo bo le bohlokwa, ho akarelletsa le ba ngwana ya ntseng a le ka popelong. Haeba motho a bolaya lesea le eso hlahe ka boomo, ho tshwana le ha e le mmolai.

 Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele o ne o re: “Haeba banna ba lwana mme ba ntsha mosadi wa moimana kotsi mme bana ba hae ba fela ba tswa empa ho sa hlahe kotsi e bolayang, ruri o tla lefiswa ditshenyehelo ho ya ka seo monga mosadi eo a tla mo batla sona, a fane ka sona ka baahlodi. Empa haeba ho ka hlaha kotsi e bolayang, jwale o tla fana ka moya bakeng sa moya.”​—Exoda 21:22, 23. *

 Bophelo ba motho bo qala neng?

 Modimo o nka bophelo ba motho bo qala nakong eo a emolwang. Bibele e bontsha ka makgetlo hore Modimo o nka ngwana ya eso hlahe e le motho. Bona mehlala e bontshang hore Modimo o nka bophelo ba ngwana ya ntseng a le ka popelong bo tshwana le ba ngwana ya seng a hlahile.

  •   Moea o halalelang o ile oa susumeletsa Morena Davida hore a re ho Molimo: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tswa emolwa.” (Pesaleme ya 139:16) Modimo o ne a nka Davida e le motho le pele a tswalwa.

  •   Ho ekelletsa moo, Modimo o ne a tseba hore o na le morero wa bohlokwa ka moprofeta Jeremia le pele a ka hlaha. Modimo o ile a re ho yena: “Ke o tsebile pele ke o etsa ka mpeng, mme ka o halaletsa pele o tswa ka popelong. Ka o etsa moprofeta ho ditjhaba.”​—Jeremia 1:5.

  •   Mongodi wa Bibele e leng ngaka Luka, o ile a sebedisa lentswe le tshwanang la Segerike ho hlalosa ngwana ya eso hlahe. jwalo ka ha a ile a hlalosa ya seng a hlahile.​—Luka 1:41; 2:12, 16.

 Na Modimo a ka tshwarela motho ya kileng a ntsha mpa?

 Modimo a ka tshwarela batho ba kileng ba ntsha mpa. Ha ba se ba nka bophelo e le ba bohlokwa jwalo ka Modimo, ha ho hlokahale hore ba ikutlwe ba le molato. “Jehova o mohau mme o mosa . . . Jwalo ka ha botjhaba-tsatsi bo le hole le bophirima-tsatsi, ka ho tshwanang o suthiseditse ditlolo tsa rona hole le rona.” * (Pesaleme ya 103:8-12) Jehova o tla tshwarela bohle ba swabetseng diphoso tsa bona e le ka nnete, ho akarelletsa le tsa ho ntsha mpa.​—Pesaleme ya 86:5.

 Na ho ntsha mpa ho phoso haeba bophelo ba mme kapa ba ngwana bo le kotsing?

 Ho latela seo Bibele e se rutang ka bophelo ba ngwana ya eso hlahe, motho ha a lokela ho ipehela mabaka a ho ntsha mpa ka lebaka la hobane bophelo ba mme kapa ba ngwana bo ka nna ba ba kotsing.

 Le ha ho le jwalo, ho thweng ka boemo bo sa tlwaelehang ba ha ngwana a hlaha, moo ho lokelang ho etswa qeto ya hore na ho pholoswa bophelo ba mme kapa ba ngwana? Boemong boo ho itshetlehile ka batho ba amehang hore na ba etsa qeto ya ho pholosa mang.

^ Diphetolelo tse ding di bontsha eka molao ona o neng o fuwe Baiseraele o re ntho ya bohlokwa ke hore na ho etsahalang ho mme eseng ho lesea le ka popelong. Le ha ho le jwalo, ka Seheberu kotsi e bolayang e akareletsa mme le ngwana ya eso hlahe.

^ Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.​—Pesaleme ya 83:18.