Feta

Na Modimo o Hohle?

Na Modimo o Hohle?

Seo Bibele e se buang ka taba ena

 Modimo o kgona ho bona ntho e nngwe le e nngwe le ho etsa ntho eo a e batlang kae kapa kae. (Liproverbia 15:3; Baheberu 4:13) Le ha ho le jwalo, Bibele ha e rute hore Modimo o hohle ka nako e le nngwe nthong e nngwe le e nngwe. Ho e na le hoo, e bontsha hore o teng le hore ho na le moo a dulang teng.

  •   Sebopeho sa Modimo: Modimo ke moya. (Johanne 4:​24) Batho ba ke ke ba kgona ho mo bona. (Johanne 1:​18) Dipono tse buang ka Modimo tse hlahang ka Bibeleng, hangata di hlalosa hore o dula sebakeng se sa tshwaneng le seo batho ba dulang ho sona. Ha ho mohla a hlaloswang a le hohle.​—Esaia 6:​1, 2; Tšenolo 4:​2, 3, 8.

  •   Moo Modimo a dulang teng: O dula sebakeng sa moya. O ‘sebakeng sa hae sa bodulo mahodimong.’ (1 Marena 8:​30) Ka Bibeleng ho na la tlaleho e bontshang hore mangeloi a ile a ‘kena hore a eme ka pela Jehova,’ * mme seo ke bopaki ba hore Modimo o na le sebaka se kgethehileng seo a dulang ho sona.​—Jobo 1:6.

Haeba Modimo ha a hohle, na o a ntsotella?

E. Modimo o tsotella motho e mong le e mong. Le hoja a dula sebakeng sa moya, o kgona ho bona batho lefatsheng ba batlang ho etsa thato ya hae, mme o a ba tsotella. (1 Marena 8:​39; 2 Likronike 16:9) Hlokomela kamoo Jehova a bontshang hore o tsotella barapedi ba hae kateng:

  •   Ha o rapela: Jehova o utlwa thapelo ya hao hang feela ha o qala ho rapela.​—2 Likronike 18:31.

  •   Ha o nyahame: “Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng; O pholosa ba sithabetseng moyeng.”​—Pesaleme ya 34:18.

  •   Ha o hloka tataiso: Jehova o ‘tla etsa hore o be le temohisiso mme a o rupele’ ka lentswe la hae e leng Bibele.​—Pesaleme ya 32:8.

Kutlwisiso e fosahetseng ya hore Modimo o hohle

 Kutlwisiso e fosahetseng: Modimo o teng hohle popong ya hae.

 Seo e leng nnete: Modimo ha a dule lefatsheng ebile ha a dule kae kapa kae moo motho a ka mo bonang. (1 Marena 8:​27) Ke nnete hore dinaledi le mesebetsi e meng e hlollang ya popo e “bolela kganya ya Modimo.” (Pesaleme ya 19:1) Le ha ho le jwalo, Modimo a ke ke a dula lefatsheng le hoja le bopilwe ke yena feela jwalo ka ha motho ya toroyang dintshwantsho a ke ke a dula ka hara setshwantsho seo a se teroileng. Ho ntse ho le jwalo, setshwantsho se takilweng se re bolella ho hongata ka motaki wa sona. Ka ho tshwanang, lefatshe lena le re bolella ho hong ka “ditshobotsi tse sa bonahaleng,” tsa Mmopi e leng matla, bohlale le lerato.​—Baroma 1:​20.

 Kutlwisiso e fosahetseng: Modimo o lokela ho ba hohle e le hore a kgone ho bonahatsa matla a hae.

 Seo e leng nnete : Modimo o sebedisa moya o halalelang kapa matla a hae a sebetsang hore thusa. A sebedisa moya wa hae o halalelang, Modimo o kgona ho bona dintho tsohle le ho etsa eng kapa eng, kae kapa kae, ka nako le ha e le efe, ho sa hlokahale hore a be teng moo.​—Pesaleme ya 139:7.

 Kutlwisiso e fosahetseng: Pesaleme ya 139:8 e ruta hore Modimo o hohle ha e re: “Haeba ke ne nka nyolohela lehodimong, o ne o tla ba teng; haeba ke ne nka phutholla setulo sa ka se kang bethe Sheole, bona! o ne o tla ba teng.”

 Seo e leng nnete: Lengolo lena ha le bue ka sebaka seo Modimo a dulang ho sona. Empa lengolo lena le bontsha feela hore ha hona sebaka seo Modimo a ke keng a se finyella e le hore a re thuse.

^ Bibele e re lebitso la Modimo ke Jehova.