Feta

Paseka Keng?

Paseka Keng?

Karabo ya Bibele

Paseka ke mokete oo Bajuda ba neng ba o etsetsa Jehova ka mora hore a ba lokolle bokgobeng Egepeta ka selemo sa 1513 pele ho mehla ya rona. Modimo o ile a laela Baiseraele hore ba hopole ketsahalo eo ya bohlokwa selemo se seng le se seng ka la 14 kgweding ya Bajuda ya Abibe eo hamorao e ileng ya bitswa Nisane.​—Exoda 12:42; Levitike 23:5.

Ke hobaneng ha letsatsi leo le bitswa Paseka?

Lentswe “Paseka” le bolela nako eo Modimo a neng a sireletsa Baiseraele koduweng ya Egepeta e ileng ya bolaya matsibolo a bona. (Exoda 12:27; 13:15) Pele Modimo a tlisa kotlo ena e tshosang, o ile a laela Baiseraele hore ba fafatse madi a konyana kapa a podi e hlabilweng menyakong ya bona. (Exoda 12:21, 22) Ha Modimo a bona madi ao, o ne ‘a tla feta’ mme a sireletse matsibolo a bona.​—Exoda 12:7, 13.

Paseka e ne e ketekwa jwang mehleng ya Bibele?

Modimo o ile a fa Baiseraele ditaelo tsa ho keteka Paseka ya pele. * Tse ding tsa dintho tse neng di etswa nakong ya Paseka tse boletsweng ka Bibeleng di akaralletsa tse latelang.

  • Sehlabelo: Ka la 10 Abibe (Nisane) malapa a ne a kgetha konyana kapa podi e nang le selemo, mme ka la 14 e be ba e hlaba. Ka Paseka ya pele, Bajuda ba ile ba fafatsa madi dikoseneng tse pedi tsa monyako le karolong e ka hodimo ya monyako, ba besa phoofolo e felletse, yaba ba e ja.​—Exoda 12:3-9.

  • Dijo: Baiseraele ba ne ba boetse ba ja bohobe bo sa lomoswang le meroho e babang e le karolo ya dijo tsa Paseka.​—Exoda 12:8.

  • Mokete: Baiseraele ba ne ba keteka Mokete wa Mahobe a sa Lomoswang matsatsi a supileng ka mora Paseka, e leng nako eo ba neng ba sa je bohobe bo lomositsweng.​—Exoda 12:17-20; 2 Likronike 30:21.

  • Thuto: Batswadi ba ne ba sebedisa nako ya Paseka ho ruta bana ba bona ka Jehova Modimo.​—Exoda 12:25-27.

  • Leeto: Baiseraele ba ne ba nka leeto le yang Jerusalema ho ya keteka Paseka.​—Deuteronoma 16:5-7; Luka 2:41.

  • Tse ding tsa ditlwaelo: Mehleng ya Jesu, veine le mmino di ne di ba teng moketeng wa Paseka.​—Matheu 26:19, 30; Luka 22:15-18.

Seo ba bang ba se nahanang ka Paseka

Seo ba bang ba se nahanang: Baiseraele ba ne ba keteka Paseka ka la 15 tsa kgwedi ya Nisane.

Nnete: Modimo o ile a laela Baiseraele ho hlaba konyana ka mora hore letsatsi le dikele ka la 14 Nisane mme ba e je hona bosiung boo. (Exoda 12:6, 8) Baiseraele ba ne ba nka letsatsi e le ho tloha ha letsatsi le dikela ho fihlela ha letsatsi le hlahlamang le dikela. (Levitike 23:32) Baiseraela ba ne ba hlaba konyana e be ba keteka Paseka ha letsatsi la 14 Nisane le qala.

Seo ba bang ba se nahanang: Bakreste ba tshwanetse ho keteka Paseka.

Nnete: Ka mora hore Jesu a keteke Paseka ka la 14 Nisane ka selemo sa 33, o ile a qala ntho e ntjha e leng: Dijo tsa Shwalane tsa Morena. (Luka 22:19, 20; 1 Bakorinthe 11:20) Dijo tsena di nketse Paseka sebaka ka ha ke sehopotso sa “Kreste Paseka ya rona” ya entsweng sehlabelo. (1 Bakorinthe 5:7) Sehlabelo sa Jesu sa thekollo se phahametse Paseka hobane sona se lokolla batho bokgobeng ba sebe le lefu.​—Matheu 20:28; Baheberu 9:15.

^ Ha nako e ntse e ya ho ile ha hlokahala hore ho etswe diphetoho tse itseng. Ka mohlala, Baiseraele ba ile ba keteka Paseka ya pele “ka potlako” hobane ho ne ho hlokahala hore ba tswe Egepeta. (Exoda 12:11) Le ha ho le jwalo, ha ba fihla Naheng e Tshepisitsweng, ho ne ho sa hlokahale hore ba e keteke ka potlako.