Feta

Divideo Tsa Dithuto Tsa Bohlokwa Tsa Bibele

Divideo tsena tse kgutshwanyane di araba dipotso tsa bohlokwa tsa Bibele, tse jwalo ka: Ke hobaneng ha Modimo a entse lefatshe? Bafu ba hokae? Ke hobaneng ha Modimo a dumella hore re be le mathata?

Na Bokahohle bo Entswe?

Tlaleho ya Bibele ya ka moo dintho di bopilweng ka teng, hangata batho ha ba e utlwisise mme ba bang ba re ha se nnete. Na re ka tshepa seo Bibele e se buang?

Na Modimo o na le Lebitso?

Modimo o na le ditlotla tse ngata, ho akarelletsa Ya Matla Ohle, Mmopi le Morena. Empa lebitso la Modimo le sebedisitswe ka makgetlo a 7 000 ka Bibeleng.

Na O ka Kgona ho ba Motswalle wa Modimo?

Haesale batho ba utlwa ba hloka ho tseba Moetsi wa bona. Bibele e ka re thusa ho ba metswalle ya Modimo. Ntho ya pele e tla o thusa ke ho tseba lebitso la Modimo.

Mongodi wa Bibele ke Mang?

Haeba Bibele e ngotswe ke batho, na ho nepahetse hore e bitswe Lentswe la Modimo? Bibele e ngotswe menahano ya mang?

Re ka Kgodiseha Jwang Hore Bibele e Nepahetse?

Haeba Bibele e ngotswe ke Modimo, ha ya lokela ho tshwana le buka le ha e le efe e kileng ya ngolwa.

Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?

Lefatshe le tletse ka dintho tse ntle. Le eme sebakeng se nepahetseng ho tloha letsatsing, ebile le boemong bo nepahetseng, mme le potoloha ka lebelo le lekaneng. Ke hobaneng ha Modimo a entse matsapa a makana ho bopa lefatshe?

Ho Etsahalang ka Batho ba Hlokahetseng?

Bibele e re tshepisa nako eo ka yona batho ba bangata ba tla tsoswa mabitleng jwalo ka Lazaro.

Na Dihele ke Sebaka Seo ho Tjheswang Batho ho Sona?

Bibele e re ka ha “Modimo ke lerato,” a ke ke a hlokofatsa batho ka lebaka la diphoso tseo ba di entseng nakong e fetileng.

Na Jesu Kreste ke Modimo?

Na Jesu Kreste le Modimo ya Matla Ohle ke motho a le mong? Kapa na ke batho ba babedi ba sa tshwaneng?

Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?

Bibele e bontsha hore lefu la Jesu ke la bohlokwa haholo. Na lefu la hae le ne le e na le morero?

Mmuso wa Modimo Keng?

Ha Jesu a ntse a etsa tshebeletso ya hae lefatsheng o ne a ruta haholo ka mmuso wa Modimo. E se e le dilemo batho ba rapella hore Mmuso oo o tle.

Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata?

Batho ba bangata ba botsa hore na ke hobaneng ha ho tletse lehloyo le mathata lefatsheng. Bibele e fana ka dikarabo tse kgotsofatsang le tse tshedisang.

Na Modimo o Amohela Madumedi Ohle?

Batho ba bangata ba dumela hore ha ho tsotellehe hore motho o bodumeding bofe.

Na Modimo o Batla Hore re Sebedise Ditshwantsho ha re mo Rapela?

Kaha ha re kgone ho bona Modimo, na ditshwantsho di ka re thusa hore re ikutlwe re le haufi le yena?

Na Modimo o Mamela Dithapelo Tsohle?

Ho thweng haeba motho a rapela ka mabaka a boithati? Ho thweng haeba monna ya sa tshwareng mosadi wa hae hantle a kopa hore Modimo a mo hlohonolofatse?