Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka Lefatshe le Ntseng le Senyeha?

Bibele e Reng ka Lefatshe le Ntseng le Senyeha?

 “Batho ba etsa dintho tse ngata tseo haufinyane di tlo baka mathata a ho fetoha ha boemo ba lehodimo. Ditoropo tse kgolo di tla kwahelwa ke metsi. Ho tla ba le motjheso o otlang pelo, difefo tse tshosang le kgaello ya metsi dibakeng tse ngata. Mefuta ya diphoofolo le dimela tse ka bang dimilione di kotsing ya ho fela ka lebaka la diketso tsa batho. Ditaba tsena ha se tshomo feela. Ke seo saense e reng se tla etsahala haeba mebuso e sa fetole tsela eo e sebedisang matla ao e a fumanang dinthong tsa tlhaho ka yona.”​—Puo ka António Guterres e leng mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng mabapi le tlaleho ya Intergovernmental Panel on Climate Change ya April 4, 2022.

 “Borasaense ba re haufinyane diphaka tse ka bang 423 tsa Amerika di tla senyeha ka lebaka la ho fetoha ha maemo a lehodimo, haholoholo hobane diphaka tsena di ka senyeha haholo ka lebaka la motjheso o phahameng. Dintho tse mpe tse ka nnang tsa etsahala di tshwana le dikoduwa tseo o ka balang ka tsona ka Bibeleng tse kang mollo le dikgohola, ho qhibidiha ha leqhwa, ho phahama ha maqhubu a lewatle le motjheso o mongata.”​—“Flooding Chaos in Yellowstone, a Sign of Crises to Come,” The New York Times, June 15, 2022.

 Na mathata a lefatshe a tikoloho a ka rarolleha? Haeba ho jwalo, a tla rarollwa ke mang? Hlokomela seo Bibele e se buang.

Ho senyeha ha tikoloho ho ile ha bolelwa esale pele

 Bibele e re Modimo o tla ‘fedisa ba senyang lefatshe.’ (Tshenolo 11:​18) Temana ena ya Bibele e re ruta dintho tse tharo:

  1.  1. Batho ba tla etsa dintho tse tla senya lefatshe haholo.

  2.  2. Ho senyeha ha lefatshe ho tla fela.

  3.  3. Modimo ke yena ya tla fedisa mathata a tikoloho a lefatshe eseng batho.

Lefatshe la rona le tla sireletseha nakong e tlang

 Bibele e re “lefatshe le dula le le teng ho ya ho ile.” (Moeklesia 1:4) Lefatshe le tla dula le e na le batho.

  •   “Lefatshe e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 37:29.

 Lefatshe le tla kgutlisetswa boemong bo botle.

  •   “Lefeella le sebaka se omeletseng di tla thaba le lehwatata le tla thaba mme le thunye jwalo ka dipalesa tsa safrone.”​—Esaia 35:1.