Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buisanang esale pele ka hore na le tla sebetsa ditaba jwang

Ha Motho eo o mo Ratang a Kulela Lefu

Ha Motho eo o mo Ratang a Kulela Lefu

DOREEN o ne a tshohile hona hoo, ha dingaka di ne di fumana hore monna wa hae ya bitswang Wesley, ya dilemo di 54 o na le hlahala bokong. * Dingaka di ne di itse o saletswe ke dikgwedinyana tse seng kae a phela. Doreen o re: “Ke ne ke sa kgolwe seo ke se utlwang. Ke ne ke sa tsebe ke iketseng. E ne eka ke a lora, ka ha ke ne ke sa lebella ntho e jwalo.”

Boemo bo tshwanang le bo hlahetseng Doreen, ha se ntho e ntjha. Motho a ka kulela lefu ka nako efe kapa efe. Le hoja ho hlokomela motho ya jwalo e se ntho e bonolo, ke ho babatsehang ho bona hore batho ba bang ba thabela ho hlokomela motho eo ba mo ratang ya kulelang lefu. Empa keng seo ba lelapa ba ka se etsang ele ho mo kgothatsa le ho mo hlokomela? Ke jwang ba ka sebetsanang le maikutlo a bona nakong eo ba ntseng ba hlokometse mokudi wa bona? Ba ka lebellang ele ho itokisetsa lefu? A re ke re tshohleng hore na ke hobaneng ha ho hlokomela motho ya kulelang lefu e le taba e boima hakana kajeno.

BOTHATA BO SA FELENG

Dilemong tse ka bang tse makgolo tse fetileng, esita le dinaheng tse tswetseng pele, batho ba ne ba sa phele nako e telele. Ditsebi tsa bongaka, di ne di leka ka hohle ho fokotsa keketseho ya batho ba hlokahalang. Batho ba ne ba shwa ka ho panya ha leihlo ka lebaka la mafu a tshwaetsanang kapa dikotsi. Ho ne ho se bonolo ho fihla dipetlele mme ka ha bakudi ba bangata ba ne ba hlokomelwa ke ba malapa, ba ne ba qetella ba hlokahalletse lapeng.

Kajeno, ditsebi tsa bongaka di entse mekutu yohle ho lwantsha bokudi e le ho leka ho lelefatsa bophelo. Ka mohlala, motho o se a ka kgona ho phela nakonyana ka lefu le neng le ka nna la mo bolaya mehleng e fetileng. Le ha ho le jwalo, ho leka ho lelefatsa bophelo ha ho tlise phekolo. Ho ena le hoo, bakudi ba se ba qetella jwale ba holofetse hoo e seng e le bothata ho itlhokomela. Ho hlokomela motho ya jwalo ka nnete ha se ntho e bonolo hohang.

Ka lebaka la ho tshaba ho oka motho ya makgatheng a lefu, ba bangata ba nyahamela ho mo hlokomela. Kahoo, batho bao, ba okelwa dipetlele e leng moo ba qetellang ba hlokahalletse teng. Ebe batho ba ka thuswa keng hore ba se ke ba tshaba ho hlokomela motho ya kulelang lefu?

HO HLOPHISA DINTHO ESALE PELE

Jwalo ka ha re se re bone tabeng ya Doreen, batho ba bangata ba utlwa bohloko bo otlang pelo ha motho eo ba mo ratang a kulela lefu. Empa o ka thuswa keng hore o fokotse ho tshwenyeha haholo, ho tshoha le ho utlwa bohloko? Mohlanka e mong wa Modimo o ile a rapela a re: “Re bontshe kamoo re lokelang ho bala matsatsi a rona ka tsela eo ka yona re ka fumanang pelo e bohlale.” (Pesaleme ya 90:12) Ka hona, rapela Jehova Modimo ka matla hore a o bontshe kamoo o ‘ka balang matsatsi’ ka tsela e bohlale e le hore o ka qeta matsatsi a setseng le moratuwa wa hao.

Sena se hloka ho hlophiswa. Haeba e mong wa lelapa ya kulang a ntse a kgona ho bua, e ka ba bohlale ho mo botsa hore na a ka rata hore a etsetswe diqeto ke mang mohlang a seng a sa kgone ho etsa letho. Ho buisana ka taba ena, ho tla thusa hore ho be le kutlwisisano pakeng tsa lelapa haeba motho ya kgethilweng ke mokudi, a nka qeto ya ho isa mokudi sepetlele, ho mo nkela meriana e itseng kapa ho mo tlohela feela a ntse a kula. Ha lelapa le bua esale pele le bile le na le maikutlo a tshwanang, seo se tla etsa hore ditho tsohle tsa lelapa, di thuse mokudi ka hohle kamoo di ka kgonang. Bibele e re: “Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana.”​—Liproverbia 15:22 BIBELE E HALALELANG.

O KA HLOKOMELA MOKUDI JWANG?

Hangata mosebetsi o ka sehloohong wa motho ya hlokomelang mokudi, ke ho ba ya tshedisang. Motho ya seng a le makgatheng a lefu, o hloka ho tseba hore o a ratwa le hore ha a mong. Empa seo se ka etswa jwang? Mo balle kapa o mo binele, kgetha dibuka le dipina tseo a tla di thabela le tse tla mo matlafatsa. Batho ba bangata ba kulang, ba thabela ha e mong wa lelapa ya ba etetseng, a ba tshwara letsoho a bile a bua le bona ka tsela e bonolo.

Tseba batho ba tjhakelang mokudi. Ripoto e nngwe e re: “Ho nka nako hore motho a lahlehelwe ke kutlo. E ka nna yaba mokudi o utlwa seo o se buang le hoja a ka shebahala e ka o robetse. Kahoo, etsa bonnete ba hore ha o bue ntho e utlwisang bohloko eo o neng o ke ke wa e bua ha a shebile.”

Rapelang hammoho haeba maemo a dumela. Bibele e bontsha hore ka nako e nngwe, moapostola Pauluse le metswalle ya hae, ba kile ba kgathatseha haholo hoo ba neng ba sena bonnete ba hore ba tla phela. Ba ne ba hloka thuso ya mofuta o fe? Pauluse o ile a re ho metswalle ya hae: “Le lona le ka kopanela ho thusa ka thapedi ya lona bakeng sa rona.” (2 Bakorinthe 1:8-11) Thapelo e etswang ha o na le mathata, ha o kula kapa o kulelwa e feta pheko le ha e le efe.

AMOHELA TSELA EO MAEMO A LENG KA YONA

Ho nahana fela ka hore motho eo o mo ratang a ka hlokahala, ke ntho e tetebetsang maikutlo. Sena ha se makatse ka ha lefu ha se ntho ya tlhaho ho rona. (Baroma 5:12) Ke kahoo Lentswe la Modimo le reng lefu ke “sera.” (1 Bakorinthe 15:26) Ka hona, ke ntho e tlwaelehileng ho iphapanyetsa taba ya hore wa lelapa a ka hlokahala haufinyane.

Ho sa tsotellehe seo, ba lelapa ba ka ithoba maqeba ka ho itokisa esale pele ka dintho tse ka nnang tsa etsahala ha motho a kulela lefu. Re tla fumana dintho tseo lebokoseng le nang le sehlooho se reng: “ Dibeke Tsa ho Qetela Tsa Bophelo ba Mokudi.” Ke nnete hore maemo a bakudi a ke ke a tshwana. Kahoo, re se ke ra nahana hore dintho tsena tseo re buileng ka tsona di hlahela bohle. Empa ho bonahala hore bakudi ba bangata ba ba le dintho tsena.

Haeba mokudi a hlokahala, mohlokomedi a ka batla matshediso ho motswalle ya haufiufi. Ba lelapa le bona ba lokela ho kgothatswa. Ho ba bang, ho tseba hore motho eo ba mo ratang ha a sa opelwa mme o phomotse, ho a ba kgothatsa. Ke kahoo, Mmopi wa rona ya lerato a re kgodisang hore “ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho.”​—Moeklesia 9:5.

MOHLOKOMEDI YA MOLEMO

Re lokela ho ithuta ho amohela thuso le ha e le efe

Ho tshepa Modimo ho tla o thusa, eseng ha wa lelapa a kulela lefu feela empa esita le ka mora hore a hlokahale. Modimo a ka sebedisa batho ba bang ho o kgothatsa. Doreen eo re buileng ka yena pejana o re: “Ke ile ka ithuta ho amohela thuso efe kapa efe. Ka nnete thuso eo re e fumaneng, e ne e le nakong. Nna le monna wa ka re ile ra kgodiseha hantle hore Jehova o ne a ntse a re ho rona: ‘Ke na le lona ho le thusa.’ Le ka mohla nke ke ka lebala seo.”

Jehova Modimo ke mohlokomedi ya molemo. O utlwisisa hantle bohloko le mathata a rona hobane ke yena ya re bopileng. Ebile o ikemiseditse ho fana ka thuso le matshediso ao re a hlokang e le hore re ka mamella. Se thabisang le ho feta ke hore o re tshepisa ho tlosa lefu ka ho sa feleng, a be a tsose batho ba dibilione ba hlokahetseng. (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4) Re tla thaba ha re nahana ka mantswe a moapostola Pauluse ha a ne a re: “Lefu, tlholo ya hao e hokae? Lefu, motsu wa hao o hokae?”​—1 Bakorinthe 15:55.

^ par. 2 Mabitso a fetotswe.