Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Tsela ya ho Bontsha Kananelo

Tsela ya ho Bontsha Kananelo

BOTHATA

Ke ha bohlokwa hore banyalani ba bontshe hore baa ananelana e le hore lenyalo la bona le atlehe. Leha ho le jwalo, banyalani ba bangata ba kgaotsa ho bona dintho tse ntle ho balekane ba bona ebe seo se etsa hore ba se ke ba hlola ba ananelana. Bukeng ya Emotional Infidelity, moeletsi e mong o re banyalani ba bangata ba tlang ho tla kopa thuso ho yena “ba amehile haholo ka dintho tse haellang [manyalong a bona] ho feta tse teng.” O tswela pele ka ho re: “Ha ba le ofising ya ka, ba mpolella ka dintho tseo ba hlokang hore di fetohe mme ha ba bue letho ka tse ntle tseo balekane ba bona ba di etsang. Phoso e etswang ke banyalani bana bohle ke hore ba hloleha ho bontshana lerato le kananelo.”

Wena le molekane wa hao le ka qoba ho wela lerabeng leo jwang?

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

Mantswe a bontshang kananelo a ka fokotsa mathata lenyalong. Ha banyalani ba itlwaetsa ho sheba dintho tse ntle tseo balekane ba bona ba di etsang, kamano ya bona e ka ntlafala. Ha banyalani ba ananelana ba ka qoba hore ba tshwarane ka pelo ha ba kgopisane.

Bakeng sa basadi. Buka ya Emotional Infidelity, eo re buileng ka yona pejana, e re: “Basadi ba bangata ba hlokomoloha kgatello eo banna ba bang le yona e le hore ba hlokomele malapa a bona.” Kgatello eo e ka ba teng esita le malapeng ao banyalani ba sebetsang ka bobedi.

Bakeng sa banna. Hangata banna ba kgella boiteko ba basadi fatshe ba ho thusa ho hlokomela lelapa, ekaba ka ho sebetsa, ho hodisa bana kapa ho etsa mosebetsi wa lapeng. Fiona, * ya nang le dilemo tse ka bang tharo a nyetswe, o re: “Kaofela re etsa diphoso mme ha e le nna ya e entseng ke utlwa bohloko haholo. Jwale ha monna wa ka a mpabatsa ka mesebetsi e meng ya lapeng, e jwalo ka ho hlwekisa, ke a hlokomela hore o sa ntse a nthata ho sa tsotellehe mefokolo ya ka. Ke thabela hore ebe wa ntshehetsa.”

Banyalani ba ka kgaotsa ho tshepana haeba molekane e mong a utlwa eka ha a ananelwe. Mosadi e mong ya bitswang Valerie, o re: “Haeba o utlwa eka molekane wa hao ha a o ananele, ho ka ba bonolo ho atamelana le motho e mong ya etsang o ikutlwe o le wa bohlokwa.”

SEO O KA SE ETSANG

Ela hloko. Bekeng e tlang, ela hloko makgabane ao molekane wa hao a tlang ho a bonahatsa. Hape sheba dintho tseo a di etsang molemong wa lelapa la lona, mohlomong dintho tseo o neng o ntse o sa di natse. Ha beke e fela, etsa lethathamo la (1) dintho tseo o di ratang ka molekane wa hao le (2) dintho tseo a di entseng molemong wa lelapa la lona.—Molaomotheo wa Bibele: Bafilipi 4:8.

Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o ele hloko dintho tse molemo tseo molekane wa hao a di etsang? Mosadi e mong ya bitswang Erika o re: “Ha le se le nyalane ka dilemo tse ngatanyana ho ka ba bonolo hore le se ke la hlola le hlokomela dintho tse ntle tseo e mong a di etsang. Le qala ho hlokomela feela dintho tseo e mong a sa di etseng.”

Ipotse: ‘Na ke kgella fatshe dintho tse ntle tseo molekane wa ka a di etsang?’ Ka mohlala, haeba monna wa hao a lokisa dintho tse robehileng ka tlung, na o sitwa ho mo leboha hobane feela o nka hore ke mosebetsi wa hae? Haeba o monna, na o nka hore ha o a lokela ho leboha mosadi wa hao ka ho hlokomela bana hobane feela o nka hore o tlamehile ho etsa seo? Ebang o monna kapa o mosadi, ikemisetse ho ela hloko dintho tse ntle tseo molekane wa hao a di etsang e le hore lelapa le tsamaye hantle, ebang ke tse kgolo kapa ke tse nyenyane.—Molaomotheo wa Bibele: Baroma 12:10.

Leboha molekane wa hao. Bibele e re khothalletsa hore ‘re iponahatse re le ba lebohang.’ (Bakolose 3:15) Kahoo, itlwaetse ho leboha molekane wa hao. Monna e mong ya bitswang James o re: “Ha mosadi wa ka a nteboha ka dintho tseo ke di etsang, o etsa hore ke sebetse ka thata le ho feta le hore ke be monna ya molemo.”—Molaomotheo wa Bibele: Bakolose 4:6.

Ha banyalani ba bontsha hore ba ananela dintho tseo balekane ba bona ba di etsang seo se matlafatsa kamano ya bona. Monna e mong ya bitswang Michael o re: “Manyalo a mangata a ka atleha haeba banyalani ba ela hloko dintho tse ntle tseo balekane ba bona ba di etsang. Ha mathata a hlaha, ho ke ke ha eba bonolo hore ba batle ho arohana kaha ba tla nahana ka dintho tse molemo tseo e mong a di etsang.”

^ par. 9 Mabitso a mang a fetotswe.