Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FADIMEHANG! No. 4 2017 | O Sebedisa Nako ya Hao Jwang?

Matsatsing ana, batho ba bangata ba phathahane hona hoo ba se nang nako mme sena se ama malapa a bona.

Re ka bontsha tekatekano jwang ha re sebedisa nako?

Monna e mong ya bohlale o kile a re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.”​—Moeklesia 4:6.

Makasine ena ya “Fadimehang!” e fana ka ditlhahiso tse sebetsang tsa kamoo re ka sebedisang nako ya rona kateng ho akarelletsa le ho beha dintho tsa bohlokwa pele bophelong.

 

SEHLOOHO SE KA NTLE

O Sebedisa Nako ya Hao Jwang?

Batho ba bangata ba fumana ho le boima ho lekalekanya dintho ha ho tluwa mosebetsing le ho ba hae le lelapa. Hantlentle bothata bo hokae? Ebe tharollo ke efe?

Ntho e Ikgethang ka Nonyana e Bitswang Tern

Pele ho ne ho dumelwa hore dinonyana tsena tse bitswang tern, di ne di ka kgona ho fofa dikhilomitara tse 35 200 ho tloha moo ho batang ho ya Antarctica le ho kgutla. Empa hoo ke bonnyane feela ba seo dinonyana tsena di ka se etsang.

‘Lebitso le Molemo ho Feta Maruo a Mangata’

Ho a kgonahala hore motho a be le lebitso le letle le ho hlomphuwa ke batho. Empa seo se kgoneha jwang?

SE KA THUSANG LELAPA

Ha Bana ba se ba Tswile Phakweng

Banyalani ba bang ba fumane ho le thata ho phedisana ka mora hore bana ba bona ba tswe phakweng. Ba ka thuswa keng?

PUISANO

Ngaka ya Mafu a Boko e Hlalosa Tumelo ya Yona

Profesa Rajesh Kalaria o hlalosa mosebetsi wa hae le tumelo ya hae. O susumeditswe keng hore a rate saense? Keng e ileng ya etsa hore a batle ho tseba ho eketsehileng ka qaleho ya bophelo?

SEO BIBELE E SE BUANG

Teko

Manyalo a senyehang, ho kula le bohloko ba ho ba le letswalo le molato, e ka ba tse ding tsa ditlamorao tsa ho inehella tekong. Empa re ka balehela leraba lee jwang?

NA E ENTSWE?

Boputswa bo Phatsimang ba Monokotshwai o Bitswang Pollia

Monokotshwai ona ha o na ntho e o fang mmala ona wa ona empa le ha ho le jwalo o na le mmala o boputswa bo eso ka bo bonwa dimeleng le ha e le dife tse teng. Jwale keng e etsang hore o be le mmala oo o moputswa?