Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ketso e Bontshang Mosa

Ketso e Bontshang Mosa

NTATE wa John o ile a kolobetswa jwalo ka Paki ya Jehova ho elella qetellong ya dilemo tsa bo 1950. Sena se etsahetse toropong e nyenyane ya India e bitswang Gujarat. Empa ka nako eo, John le banababo ba bahlano hammoho le mme wa bona, ba ne ba kena kereke ya Roma e Khatholike. Kaha ba ne ba rata kereke ya bona haholo, ba ile ba hanyetsa bodumedi ba ntate wa bona.

Ka letsatsi le leng, Ntate wa John o ile a mo roma hore a mo isetse lengolo ha morabo rona e mong. Hoseng ha letsatsi leo, ka phoso John o ile a itsheha ha bohloko monwaneng wa letsoho la hae le letona. O ile a thatela monwana oo ka lesela yaba o ya moo a ronngweng teng ho isa lengolo.

Ha John a fihla lelapeng leo, o ile a fumana mosadi wa morabo rona, eo le yena e neng e le Paki. Ha moradiwabo rona a nka lengolo leo letsohong la John, o ile a hlokomela hore monwana wa John o lemetse. Moradiwabo rona o ile a kopa ho mo thusa, yaba o hlatswa leqeba leo ka moriana o bolayang dikokwanahloko mme a le tlama ka banditjhi. Ka mora moo, o ile a etsetsa John tee mme nakong ena yohle o ne a ntse a bua le John ka Bibele ka tsela e nang le botswalle.

Sena se ile sa etsa hore John a qale ho fetola maikutlo a hae ka Dipaki Tsa Jehova. O ile a botsa moradiwabo rona dipotso ka dithuto tse pedi tseo yena a neng a di dumela empa ntate wa hae a sa di dumele. O ile a botsa hore na Jesu ke Modimo le hore na ho loketse hore Bakreste ba rapele Maria. Kaha moradiwabo rona o ne a ithutile puo ya habo John ya Segujarati, o ile a mo araba a sebedisa Bibele mme a mo fa bukana ya Sekgowa e bitswang “This Good News of the Kingdom.”

Hamorao ha John a ntse a bala bukana eo, o ile a utlwa eka e ne e le hona a qalang ho utlwisisa Bibele. O ile a ya ho moruti wa kereke ya hae mme a mo botsa dipotso tse pedi tseo a ileng a di botsa moradiwabo rona. Kapele feela moruti o ile a halefela John yaba o mo lahlella Bibele a ntse a omana, a re: “O se o fetohile Satane ke a bona! A ko mpontshe moo Bibele e reng Jesu ha se Modimo. Mpontshe moo e reng motho ha a lokela ho rapela Maria. Ke re mpontshe!” John o ile a makatswa ke boitshwaro bona ba moruti mme a re ho yena: “Nke ke ka hlola ke le beha kerekeng ya Roma.” Kannete, e ile ya ba o qetetse!

John o ile a ithuta Bibele le Dipaki, yaba o qala ho sebeletsa Jehova mme hamorao a kolobetswa. Ha nako e ntse e ya, ba bang lelapeng la habo John le bona e ile ya eba Dipaki Tsa Jehova. Kajeno monwana wa John o ntse o bonahala moo a ileng a itematsa teng dilemong tse ka bang 60 tse fetileng. O sa ntse a hopola mosa oo Mokreste a ileng a mo bontsha ona. Ketso eo e le nngwe, e ile ya hulela John borapeding ba nnete.​—2 Bakor. 6:4, 6.