Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | KE MPHO EFE E MOLEMO HO DI FETA KAOFELA?

“E ne e le Mpho ya Bohlokwa ka ho Fetisisa eo Nkileng ka e Fuwa”

“E ne e le Mpho ya Bohlokwa ka ho Fetisisa eo Nkileng ka e Fuwa”

Ena ke tsela eo ngwanana e mong ya dilemo di 13 a neng a ikutlwa ka yona ha a ne a fuwa ntja e le mpho. Mosadi e mong ya atlehileng ho tsa kgwebo, o re khompiyutha eo ntate wa hae a ileng a mo fa yona ha a le sekolong, e bile mpho e ileng ya fetola bophelo hae. Monna e mong ya neng a sa tswa nyala yena, o re karete eo mosadi wa hae a ileng a mo etsetsa yona ha ba keteka selemo sa pele ba nyalane, e ne e le mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo a kileng a e fuwa.

Selemo se seng le se seng, batho ba bangata ba qeta nako le matla ba batlana le dimpho tse “molemohadi,” tseo ba ka di fang metswalle kapa ba lelapa haholoholo diketsahalong tsa bohlokwa. Batho ba bangata ba ka rata ho utlwa batho bao ba ba fang dimpho, ba ba le maikutlo a tshwanang le a batho bana ba bararo bao re buileng ka bona. Wena o ka reng? Na o ka rata ho amohela mpho e molemohadi kapa ho fana ka mpho eo motho a tla e thabela?

Ena e ka ba ntho e thabisang haholo, eseng feela ho motho ya amohelang mpho, empa le ho motho ya fanang ka yona. Ebile Bibele e re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ke nnete hore o ka thaba le ho feta haeba motho eo o mo fang mpho a e ananela.

Jwale o ka etsang e le hore o thabe ha o fana ka mpho le hore motho eo o mo fang yona le ena a thabe? Hona o ka etsang e le hore mpho ya hao e ananelwe le haeba o sa kgone ho fana ka e “molemo” hakaalo ho motho eo o mo fang yona?