Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Dula a le Teng

Jehova o Dula a le Teng

Downloada:

  1. 1. Ke na le ho tshwenyeha,

    Ke batlana le moo nka’i patang.

    Jonna bophelo bo thata!

    Empa ke’a matlafala.

    Hobane Jehova o teng,

    Ke Yena ya nthusang.

    O teng; ke a tseba.

    (KHORASE)

    Hoba o mpha

    Matla ha ke le mathateng,

    Matla ha ho le thata,

    Matla ha ke hlorile,

    Matla a ho ema,

    Matla ditsietsing,

    Matla a tshwanang le’a tau.

    Jehova’o dula a le teng.

    O’a ntataisa

    O re ho nna:

    “Dula tseleng ena.

    Ke tla o tshwara.”

    Nthuse ke bone,

    Hore nka o tshepa.

  2. 2. O na le wena

    Le hoja o le hole,

    O tla’o thusa,

    A’o phahamise.

    Le haeba lefatsheng ho thata

    O tla o fa matla.

    (KHORASE)

    O tla o fa

    Matla ha o le mathateng,

    Matla ha ho le thata,

    Matla ha o hlorile,

    Matla a ho ema,

    Matla ditsietsing,

    Matla a tshwanang le’a tau.

    Jehova’o dula a le teng—

    O teng, o teng.

    Jehova’o dula a le teng.

    O a re tataisa

    O’a re jwetsa:

    “Dulang tseleng ena.”

    Jehova’o dula a le teng.

    O’a re tshwara.

    A ke re boneng,

    Hore o’a tshepeha.

    (KHORASE)

    O mphile

    Matla ha ke le mathateng,

    Matla ha ho le thata,

    Matla ha ke hlorile,

    Matla a ho ema,

    Matla ditsietsing,

    Matla a tshwanang le’a tau.

    Jehova’o dula a le teng—

    O teng, o teng.

    Jehova’o dula a le teng—

    O teng, o teng.

    Jehova’o dula a le teng.