Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA

O Ile a Mamella ha a ne a Tšoaroa ka ho Hloka Toka

O Ile a Mamella ha a ne a Tšoaroa ka ho Hloka Toka

ELIA o ile a tsamaea a iphaphathile ka Phula ea Jordane. O ne a qetile libeke a le leetong le tlohang Thabeng ea Horebe a lebile ka leboea. Joale ha a se a khutletse naheng ea habo, Iseraele, o ile a hlokomela hore lintho li ne li fetohile. Komello e neng e puputlile naha e ne e se e fela. Lipula tse nang hasesaane tsa lehoetla li ne li se li qalile ho na ’me lihoai li ne li lema masimo a tsona. E ka ’na eaba moprofeta o ile a tšeliseha ha a bona hore komello e felile, empa o ne a amehile haholo ka batho ba habo. Kamano eo ba neng ba e-na le eona le Molimo e ne e senyehile. Borapeli ba Baale bo ne bo ntse bo atile har’a bona ’me Elia o ne a sa ntse a e-na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho o etsa. *

Elia o ile a bona lihoai tse ngata li sebetsa masimong pel’a motse oa Abele-mehola. Ho ne ho e-na le lihlopha tse 12 tse neng li lema mobung o mongobo ka nako e le ’ngoe ka lipane tse 12 tsa lipholo. Monna ea neng a le sepaneng sa ho qetela ke eena eo Elia a neng a mo batla. E ne e le Elisha, monna eo Jehova a neng a mo khethile hore e be mohlahlami oa Elia. Kaha Elia o ne a ntse a ikutloa eka ke eena feela ea tšepahalang ho Molimo, e tlameha ebe o ne a labalabela ho kopana le monna enoa.—1 Marena 18:22; 19:14-19.

Na ebe Elia o ne a boetse a le leqe ho fana ka bo bong ba boikarabelo ba hae kapa na o ne a tšoenyehile ka hore ka letsatsi le leng Elisha o tla mo nkela mosebetsi? Ha re tsebe; ebile re ke ke ra tiisa hore ha aa ka a ba le boikutlo boo. Etsoe e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.” (Jakobo 5:17) Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele e re: “Elia a tšelela ho eena ’me a akhela seaparo sa hae se khethehileng holim’a hae.” (1 Marena 19:19) Seaparo se khethehileng sa Elia, seo e ka ’nang eaba e ne e le sa letlalo la nku kapa la pōli seo a neng a se apara ka holimo, se ne se bontša hore o khethiloe ke Jehova. Joale, ho se akhela mahetleng a Elisha, ho ne ho bolela ho itseng. Elia o ne a bontša hore o ikemiselitse ho amohela taelo ea Jehova ea hore a khethe Elisha hore e be mohlahlami oa hae. Elia o ne a tšepa Molimo a bile a mo mamela.

Elia o ile a bontša boikokobetso ka ho khetha Elisha hore e be mohlahlami oa hae

Mohlankana eo o ne a ikemiselitse ho thusa moprofeta eo ea seng a hōlile. Elisha ha aa ka a hlahlama Elia hang-hang. Ho e-na le hoo, ka lilemo tse tšeletseng, ka boikokobetso o ile a tsamaea le moprofeta eo ea hōlileng le ho mo thusa ’me hamorao o ile a tsejoa e le “ea ileng a tšela metsi matsohong a Elia.” (2 Marena 3:11) Ruri e tlameha ebe Elia o ile a khothatsoa ke thuso eo a ileng a e fumana ho mohlokomeli enoa ea nang le bokhoni! Ha ho pelaelo hore banna bao ba babeli e ile ea e-ba metsoalle e meholo. Kaha ba ne ba khothatsana, ka sebele seo se ile sa ba thusa hore ba mamelle ho sa tsotellehe ho hloka toka ho neng ho atile naheng ea habo bona, haholo-holo ka lebaka la bokhopo ba morena Akabe bo neng bo ntse bo mpefala.

Na u kile ua tšoaroa ka ho hloka toka? Ba bangata ba rōna re kile ra tšoaroa ka ho hloka toka lefatšeng lena le tletseng bobolu. Motsoalle ea ratang Molimo a ka u thusa hore u mamelle. U ka ithuta lintho tse ngata tseleng eo Elia a ileng a bontša tumelo ka eona ha a ne a tšoaroa ka ho hloka toka.

 “TLOHA, TSAMAEA U E’O KOPANA LE AKABE”

Elia le Elisha ba ile ba sebetsa ka thata hore ba thuse batho hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Ho hlakile hore ke bona ba neng ba etella pele koetlisong ea baprofeta ba bang, bao ho ka etsahalang hore ba ne ba arotsoe ka lihlopha. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana Jehova o ile a fa Elia kabelo e ncha: “Tloha, tsamaea u e’o kopana le Akabe morena oa Iseraele.” (1 Marena 21:18) Akabe o ne a entse’ng?

Morena eo e ne e se e ntse e le mokoenehi ’me e ne e le morena e mobe ho feta marena a kileng a e-ba teng Iseraele. O ne a nyetse Jezebele ’me o ile a etsa hore borapeli ba Baale bo ate naheng ea Iseraele ’me morena le eena e ne e le karolo ea borapeli boo. (1 Marena 16:31-33) Borapeli ba Baale bo ne bo akarelletsa meetlo ea tsoalo, mekete ea botekatse hammoho le ho etsa mahlabelo ka bana. Ho feta moo, Akabe o ne a sa tsoa hana ho mamela taelo ea Jehova ea hore a bolaee morena ea khopo oa Syria, Ben-hadade. Ho hlakile hore Akabe o ile a hana ho mamela taelo eo hobane a ne a batla ho fumana chelete. (1 Marena, khaolo ea 20) Leha ho le joalo, Akabe le Jezebele ba ile ba tsoela pele ho ba meharo, ho rata maruo le ho ba mabifi le ho feta.

Akabe o ne a e-na le ntlo ea borena Samaria ’me e le khōlō ka tsela e hlollang! O ne a e-na le e ’ngoe hape Jezriele, e leng sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 37. Ntlo ena ea borena e ne e le haufi le serapa sa morara. Akabe o ile a khalla serapa sena seo e neng e le sa Nabothe. O ile a laela hore Nabothe a bitsoe eaba o mo tšepisa ho mo fa chelete kapa serapa se seng sa morara. Leha ho le joalo, Nabothe o ile a re: “Ke ho sa utloahaleng ponong ea Jehova, hore ke u fe lefa la baholo-holo ba ka.” (1 Marena 21:3) Na Nabothe o ne a le hlooho e thata, a sa nahane ka kotsi e neng e ka mo hlahela? Batho ba bangata ba ’nile ba nahana joalo. Ha e le hantle, Nabothe o ne a mamela Molao oa Jehova, kaha molao o ne o sa lumelle Baiseraele hore ba rekise setša seo e neng e le lefa la lelapa. (Levitike 25:23-28) Ho Nabothe e ne e le ntho e sa utloahaleng hore a tlōle Molao oa Molimo. Ruri o ne a tšepahala a bile a le sebete kaha o ne a tseba hantle hore ho kotsi hakaakang ho ema Akabe ka pele!

Ho hlakile hore Akabe o ne a se na taba le Molao oa Jehova. O ile a ea lapeng “a hlomohile ebile a nyahame” hobane o ne a sa fumana seo a neng a se batla. Bibele e re: “A robala holim’a setulo sa hae se kang bethe ’me a lula a retelelitse sefahleho, ’me ha aa ka a ja bohobe.” (1 Marena 21:4) Ha Jezebele a bona monna oa hae a topotse molomo joaloka ngoana ea seleng, ka potlako o ile a loha leqheka e le hore monna oa hae a fumane seo a se batlang—e leng se ileng sa etsa hore a be a bolaee lelapa le se nang molato.

Ka sebele ha re bala ka seo Jezebele a ileng a se etsa re makatsoa ke ho bona kamoo a neng a le khopo kateng. Mofumahali Jezebele o ne a tseba hore ha motho a qosoa ka ntho e itseng, Molao oa Molimo o ne o laela hore ho be le lipaki tse peli ho tiisa seo. (Deuteronoma 19:15) Kahoo, o ile a ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a neng a laela banna ba hlomphehang ba Jezriele hore ba batle banna ba babeli ba ikemiselitseng ho qosa Nabothe ka leshano la hore ke monyefoli, e leng qoso e neng e tšoaneloa ke lefu. Ka bomalimabe leqheka la Jezebele le ile la sebetsa. Banna ba babeli “ba se nang molemo” ba ile ba fana ka bopaki ba bohata khahlanong le Nabothe ’me ka lebaka leo o ile a  bolaoa ka ho tlepetsoa ka majoe. Bara ba Nabothe le bona ba ile ba bolaoa! * (1 Marena 21:5-14; Levitike 24:16; 2 Marena 9:26) Ha e le hantle, Akabe o ile a nyahlatsa boikarabelo ba hae joaloka hlooho ea lelapa ’me a lumella mosali oa hae hore a iketsetse borata le ho bolaea batho bao ba se nang molato.

Ak’u nahane feela hore na Elia o ile a ikutloa joang ha Jehova a ne a mo senolela seo morena le mofumahali ba se entseng. Hoa nyahamisa ho bona batho ba khopo ba hatella ba se nang molato. (Pesaleme ea 73:3-5, 12, 13) Mehleng ena re atisa ho bona batho ba etsa lintho tse mpe tse bontšang ho hloka toka ’me ka linako tse ling li etsoa le ke batho ba nang le matla a bolaoli ba ipolelang hore ke baemeli ba Molimo. Leha ho le joalo, tlaleho ena e ka re khothatsa. E re hopotsa hore ha ho letho le patehileng ho Jehova. O bona lintho tsohle. (Baheberu 4:13) Ke’ng seo a se etsang ha a bona batho ba etsa bokhopo?

“NA U MPHUMANE, UENA SERA SA KA?”

Jehova o ile a re Elia a ee ho Akabe. Ka tsela e tobileng, Molimo o ile a re: “Ke eo ka serapeng sa morara sa Nabothe.” (1 Marena 21:18) Ha Jezebele a bolella Akabe hore serapa sa morara e ne e se e le sa hae, o ile a ema hang-hang a leba serapeng seo. O ne a sa nahane le ho nahana hore Jehova o ntse a mo shebile. Ak’u nahane feela tsela eo a neng a ntse a ikonka ka eona serapeng seo sa morara, a ipolella kamoo a neng a tla se fetola a se etse sebaka se bohehang kateng. Empa ka tšohanyetso Elia o ile a hlaha! Thabo ea Akabe e ile ea fetoha masoabi ’me a loloma ke bohale, eaba o re: “Na u mphumane, Uena sera sa ka?”—1 Marena 21:20.

“Na u mphumane, uena sera sa ka?”

Akabe o ile a bontša booatla ka litsela tse peli. Ea pele, ha a ne a re ho Elia, “Na u mphumane,” o ile a bontša hore o ne a sa nahana ka Jehova. Jehova o ne a se a ntse a mo “fumane.” O ile a bona ha Akabe a sebelisa bolokolohi ba hae hampe a bile a thabela bokhopo boo Jezebele a bo entseng. Molimo o ile a bona pelo ea Akabe hore ho e-na le hore a be mohau, a sebelise toka le ho ba le qenehelo, o ile a rata maruo. Ea bobeli, ha a ne a re ho Elia ‘Uena sera sa ka!’ Akabe o ile a bontša hore o hloile monna eo e neng e le motsoalle oa Jehova Molimo, ea neng a ka mo thusa hore a tlohele lintho tse neng li tla etsa hore a kene mathateng.

Re ka ithuta thuto ea bohlokoa tseleng e booatla eo Akabe a ileng a etsa lintho ka eona. Kamehla re lokela ho hopola hore Jehova Molimo o bona lintho tsohle.  Joaloka Ntate ea lerato, o oa bona ha re tsoa tseleng ’me o labalabela ho bona re fetoha. Hangata Jehova o sebelisa metsoalle ea hae ho re thusa—e leng batho ba tšepahalang bao joaloka Elia, ba bolellang batho ba bang lentsoe la Molimo. E ka ba phoso e khōlō hakaakang haeba re ka nka metsoalle eo ea Molimo joaloka lira tsa rōna!—Pesaleme ea 141:5.

Ak’u nahane ha Elia a araba Akabe, a re: “Ke u fumane.” O ne a tseba hore na Akabe e ne e le motho oa mofuta ofe—e ne e le lesholu, ’molai a bile a fetohetse Jehova Molimo. Ruri Elia o ile a bontša hore o sebete ha a ne a toba monna eo ea khopo! Elia o ile a bolella Akabe kotlo eo Molimo a neng a tla mo fa eona. Jehova o ne a bona se neng se etsahala—lelapa la Akabe le ne le etsa lintho tse mpe ’me seo se ne se ama batho ba bang. Kahoo Elia o ile a bolella Akabe hore Molimo o tla mo “fiela ka ho feletseng,” ho bolelang hore Molimo o tla felisa lesika lohle la hae la borena. Jezebele le eena o ne a tla fumana kotlo.—1 Marena 21:20-26.

Elia o ne a sa nke hore batho ba ka etsa lintho tse mpe tse bontšang ho hloka toka ebe ha ba fumane kotlo. Empa mehleng ena ho bonolo hore batho ba nahane joalo. Tlaleho ena ea Bibele e re hopotsa hore Jehova Molimo o bona lintho tsohle ebile o ahlola batho ka toka ka nako e tšoanetseng. Lentsoe la hae le re tiisetsa hore letsatsi lea tla leo ka lona a tla felisa ho hloka ka ho sa feleng! (Pesaleme ea 37:10, 11) Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na likahlolo tsa Molimo li bolela hore o fana ka kotlo feela? Na li boetse li bontša hore o mohau?’

“NA U BONE KAMOO AKABE A IKOKOBELITSENG KATENG?”

E ka ’na eaba Elia o ne a makalitsoe ke seo Akabe a ileng a se etsa ha a ne a utloa kahlolo e tsoang ho Molimo. Tlaleho eo e re: “Eitse hang ha Akabe a utloa mantsoe ana, a hahola liaparo tsa hae ’me a apara lesela la mokotla nameng; a qala ho itima lijo ’me a ’na a robala a apere lesela la mokotla le ho tsamaea a nyahame.” (1 Marena 21:27) Na Akabe o ne a bakela seo a neng a se entse?

Bonyane o ile a etsa ketso e itseng e bontšang pako. Akabe o ile a ikokobetsa, e leng ntho e boima e le kannete hore motho ea ikhohomosang le ea ikakasang a ka e etsa. Empa na Akabe o ne a bakile e le kannete? A re ke re bapise se ileng sa etsahalla morena ea ileng busa hamorao ka mor’a Akabe, eo e ka ’nang eaba o ile a etsa bokhopo bo fetang ba Akabe, e leng Manase. Ha Jehova a fa Manase kotlo, o ile a ikokobetsa, a ipiletsa ho Jehova hore a mo thuse. Empa ha aa ka a fella moo. O ile a fetoha ka hore a tlose melimo ea litšoantšo eo a neng a e hahile, a leka ka matla ho sebeletsa Jehova, a ba a khothalletsa le sechaba hore se etse se tšoanang. (2 Likronike 33:1-17) Na Akabe o ile a etsa joalokaha Manase a entse? Ka masoabi ha aa ka a etsa joalo.

Na Jehova o ile a hlokomela hore Akabe o ne a etsa mponeng ka ho etsa eka o utloile bohloko? Jehova o ile a re ho Elia: “Na u bone kamoo Akabe a ikokobelitseng kateng ka lebaka la ka? Kahobane a ikokobelitse ka lebaka la ka, nke ke ka tlisa tlokotsi matsatsing a hae. Ke tla tlisa tlokotsi holim’a ntlo ea hae matsatsing a mora oa hae.” (1 Marena 21:29) Na Jehova o ne a tšoaretse Akabe? Che, Molimo o ne a ka bontša Akabe mohau hafeela a ne a bakile e le kannete. (Ezekiele 33:14-16) Empa kaha Akabe o ile a etsa ho itseng ho bontša hore oa ikoahlaea, Jehova o ile a mo bontša mohau ka tekanyo e itseng. Akabe o ne a ke ke a bona ha lelapa la hae lohle le bolaoa ka sehlōhō.

Ho ntse ho le joalo, Jehova ha aa ka a fetola kahlolo ea hae. Hamorao Jehova o ile a buisana le mangeloi a hae ka hore na Akabe a ka thetsoa joang e le hore a ee ntoeng, moo a neng a tla bolaeloa teng. Kapele ka mor’a moo, Jehova o ile a fa Akabe kotlo. O ile a lemala ntoeng a le ka koloing ea hae ea ntoa ’me a tsoa mali ho fihlela a e-shoa. Tlaleho ena e re bolella taba e nyarosang: Ha batho ba ntse ba hlatsoa koloi ea morena ea ntoa, lintja li ile tsa nyeka mali a morena a neng a saletse ho eona. Kaha sena se ile sa etsahala phatlalatsa, mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Akabe ka Elia a ile a phethahala: “Sebakeng seo lintja li nyekileng mali a Nabothe ho sona, lintja li tla nyeka mali a hao.”—1 Marena 21:19; 22:19-22, 34-38.

Lefu la Akabe le ile la tiisetsa Elia, Elisha le batho bohle ba tšepahalang ba Molimo hore Jehova ha aa ka a lebala tumelo ea Nabothe le sebete seo a ileng a se bontša. Kaha Molimo o na le toka, ha ho mohla a hlōlehang ho otla batho ba khopo, ebang o etsa seo hang-hang kapa hamorao; kapa hona ho bontša batho mohau ha ho hlokahala. (Numere 14:18) Ruri sena se ile sa ruta Elia thuto ea bohlokoa kaha o ile a mamella ho busoa ke morena eo ea khopo ka lilemo tse mashome! Na u kile ua tšoaroa ka ho hloka toka? Na u labalabela ho bona ha Molimo a lokisa lintho? E se eka u ka bontša tumelo e tšoanang le ea Elia. Elia le mphato oa hae ea tšepahalang, Elisha, ba ile ba tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo ba mameletse ha ba ntse ba tšoaroa ka ho hloka toka!

^ ser. 3 Jehova o ile a tlisa komello ka lilemo tse tharo le halofo ho pepesa hore Baale, eo a neng a rapeloa joaloka molimo ea nesang pula le ea tlisang nala, ha a na matla. (1 Marena, khaolo ea 18) Sheba sehlooho se reng “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona” se hlahang Molula-Qhooeng oa January 1 le oa April 1, 2008,.

^ ser. 13 E ka ’na eaba Jezebele o ile a loha leano la ho bolaea bara ba Nabothe hobane a ne a tseba hore serapa seo sa morara e ne e tla ba lefa la bona. E le hore u fumane boitsebiso mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba bang ba hatelle ba bang, sheba sehlooho se reng, “Babali ba Batla ho Tseba” makasineng ena.