Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Josefa a ile a beola pele a ea ho Faro?

Lerako la baegepeta le nang le setšoantšo sa motho ea kutang moriri

Lengolo la Genese le bontša hore Faro o ile a laela hore a tlisetsoe Josefa e leng motšoaruoa oa Moheberu, e le hore a tl’o mo hlalosetsa litoro tsa hae tse mo tšoenyang. Ka nako eo ho ne ho se ho fetile lilemo tse ’maloa Josefa a le teronkong. Ho sa tsotellehe hore na Faro o ne a mo batla ka potlako hakae, Josefa o ile a beola pele. (Genese 39:20-23; 41:1, 14) Hore ebe mongoli o bua ka taba ena e bonahalang e se ea bohlokoa hakaalo, ho bontša hore o ne a tseba meetlo ea Baegepeta.

Linaheng tse ngata tsa boholo-holo, ho akarelletsa le tsa Baheberu, ho ne ho tloaelehile hore banna ba hōlise litelu. Empa Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea McClintock le Strong e re, “Baegepeta ba boholo-holo e ne e le bona feela lichabeng tsa Bochabela ba neng ba le khahlanong le ho hōlisa litelu.”

Na ba ne ba beola litelu feela? Makasine ea Biblical Archaeology Review e re meetlo e meng ea Baegepeta e ne e hloka hore pele monna a hlaha ka pel’a Faro, a shebahale ka tsela eo a neng a lokela ho shebahala ka eona ha a kena tempeleng. Ke kahoo Josefa a neng a lokela ho tlosa moriri oohle o hloohong ea hae le ’meleng.

Lengolo la Liketso le re ntate oa Timothea e ne e le Mogerike. Na see se bolela hore e ne e le motho oa Greece?

Mohlomong ha ho joalo. Ha moapostola Pauluse a ne a bua ka batho bao e seng Bajuda Mangolong a hae a bululetsoeng, o ne a bua ka bona joalokaha eka ke Bagerike. (Baroma 1:16; 10:12) Ha ho pelaelo hore o ne a bua joalo hobane Segerike se ne se buuoa ke batho ba bangata ’me mekhoa ea Magerike e atile libakeng tsohle tseo Pauluse a neng a bolela molaetsa oa lentsoe la Molimo ho tsona.

Ke batho bafe ba neng ba nkoa e le Magerike mehleng ea boholo-holo? Lilemo tse ka bang 300 pele Jesu a tsoaloa, sebui sa Athene se bitsoang Isocrates, se ile sa bua se le motlotlo ka tsela eo mekhoa ea Magerike e neng e ata kateng lefatšeng. Se ile sa re ke ka lebaka leo “ho neng ho nkoa hore batho ba rutehileng ke Magerike le hoja e se matsoalloa a Greece.” Kahoo ho ka etsahala hore ntate oa Timothea eo e seng Mojuda le ba bang bao Pauluse a neng a re ke Magerike, e ne e le Magerike hobane ba ne ba boloka mekhoa ea Magerike e seng hobane e le matsoalloa a Greece.—Liketso 16:1.