Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | MOLIMO O IKUTLOA JOANG KA NTOA?

Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Kajeno

Maikutlo a Molimo ka Ntoa Mehleng ea Kajeno

Kajeno batho baa hatelloa. Ba bangata ba rapela ba sa khaotse hore Molimo a ba thuse ’me baa ipotsa hore na o tla ke a ba thuse. Na Molimo o utloa lithapelo tsa bona? O ikutloa joang ka batho ba batlang ho itokolla khatellong ka ho loana? Na Molimo oa ba tšehetsa, hobane a nka hore ba na le lebaka le utloahalang la ho loana?

Ntoa ea Armagedone e tla felisa lintoa tsohle

Pele u ka etsa qeto, hlokomela mantsoe ana a tšelisang: Molimo o bona mahlomola a teng lefatšeng, ’me o rera ho a felisa. (Pesaleme ea 72:13, 14) Ka Bibeleng, o tšepisa hore o tla tlisetsa “ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho, phomolo.” O tla e tlisa neng? “Tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla . . . ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathesalonika 1:7, 8) Tšenolo ena ea Jesu e tla etsahala nakong e tlang “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” eo hape Bibele e reng ke Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16.

Ntoeng eo, Molimo a ke ke a sebelisa batho, empa o tla sebelisa Jesu Kreste le libōpuoa tsa hae tse matla tsa moea, ho felisa bokhopo. Mabotho ao a tsoang leholimong a tla felisa mefuta eohle ea khatello.—Esaia 11:4; Tšenolo 19:11-16.

Le ho fihlela kajeno Molimo ha a e-s’o fetole maikutlo a hae ka ntoa. O ntse a talima ntoa e le tsela e loketseng ea ho felisa khatello le bokhopo. Empa joaloka nakong e fetileng, ke eena ea nang le matla a ho etsa qeto ea hore na lintoa tse joalo li lokela ho loanoa neng le hore na ke bo-mang ba lokelang ho li loana. Joalokaha re bone, Molimo o se a entse qeto ea hore nakong e tlang Mora oa hae Jesu Kreste, ke eena ea tla loana ntoa e tla felisa bokhopo le khatello. Sena se bolela hore Molimo ha a tšehetse lintoa tse loanoang lefatšeng kajeno, ho sa tsotellehe hore na batho ba loanang ba bona mabaka a bona a utloahala hakae.

Ka mohlala: A re re bana ba motho baa loana ha ntate oa bona a le sieo. Baa mo founela ’me e mong oa bona o re hase eena ea qalileng ntoa, ha e mong eena a re ngoan’abo oa mo otla. Ka bobeli ba tletleba ho ntate oa bona hobane e mong le e mong o nahana hore ntate oa hae o tla mo emela. Leha ho le joalo, ntate oa bona o re ba khaotse ho loana ho fihlela a khutla e le hore a rarolle bothata ba bona. Ba khaotsa ho loana ka nakoana. Empa ka mor’a nako, ba qala ho loana hape. Ha ntate oa bona a fihla, oa ba halefela ’me oa ba otla hobane ba sa ka ba mo mamela.

Kajeno lichaba tse loantšanang li rapela Molimo hore a li tšehetse. Empa Molimo ha a tšehetse lehlakore leha e le lefe la lichaba tse loantšanang. Ho e-na le hoo, o re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena,” hape o re “Le se ke la iphetetsa.” (Baroma 12:17, 19) Ho phaella moo, o re batho ba lokela ho mo letela hore a nke khato, ’me o tla e nka ka Armagedone. (Pesaleme ea 37:7) Ha batho ba sa letele Molimo ’me ba khetha ho rarolla mathata a bona ka ho loana, o talima lintoa tse joalo e le ho inkela molao matsohong ka mabifi e leng se mo halefisang. Kahoo, ka Armagedone Molimo o tla bontša hore o halefile, ’me o tla “felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9; Esaia 34:2) Ka sebele, ntoa ea Armagedone e tla felisa lintoa tsohle.

Ho felisoa ha lintoa ke e ’ngoe ea litlhohonolofatso tse ngata tseo ’Muso oa Molimo o tla li tlisa. Jesu o ile a bua ka ’muso oo thapelong ea hae e tsebahalang ha a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) ’Muso oa Molimo o ke ke oa felisa lintoa feela empa o tla felisa le bokhopo, e leng bona bo etsang hore batho ba loane. * (Pesaleme ea 37:9, 10, 14, 15) Ha ho makatse hore ebe balateli ba Jesu ba letetse ka tjantjello litlhohonolofatso tseo ’Muso oa Molimo o tla ba tlisetsa tsona.—2 Petrose 3:13.

Empa re lokela ho leta nako e kae pele ’Muso oa Molimo o felisa mahlomola, khatello le bokhopo? Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena. (2 Timothea 3:1-5) * Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla etsa hore matsatsi ana a ho qetela a fihle pheletsong ka ntoa ea Armagedone.

Joalokaha ho bontšitsoe pejana, batho ba tla timetsoa ntoeng ena ea makhaola-khang ke “ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathesalonika 1:8) Empa hopola hore Molimo ha a thabele hore batho ba shoe, ho akarelletsa le ba khopo. (Ezekiele 33:11) Kaha “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe” ntoeng eo, o etsa bonnete ba hore litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu “li . . . boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle” pele bofelo bo tla. (2 Petrose 3:8, 9; Matheu 24:14; 1 Timothea 2:3, 4) Ka sebele, mosebetsi oa ho ruta batho Bibele oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang lefatšeng lohle, o ba fa monyetla oa hore ba tsebe Molimo, ba mamele litaba tse molemo tse mabapi le Jesu e le hore ba be teng ha ntoa e tla be e felile lefatšeng.

^ ser. 9 ’Muso oa Molimo o tla felisa le sera sa batho, e leng lefu. Joalokaha ho boletsoe sehloohong se reng Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa se hlahang makasineng ena, Molimo o tla tsosa batho ba bangata, ho akarelletsa le ba bolaetsoeng ntoeng.

^ ser. 10 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka matsatsi a ho qetela, sheba khaolo ea 9 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.