Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

POTSO YA 3

Ke Mang ya Ngotseng Bibele?

“Moshe a ngola mantswe ohle a Jehova.”

Exoda 24:4

“Daniele o ile a lora toro le ho bona dipono ha a ntse a robetse betheng ya hae yaba o ngola toro eo fatshe. A ngola tlaleho e feletseng ya ditaba tseo.”

Daniele 7:1

“Ha le ne le utlwa lentswe la Modimo ho rona, ha le a ka la le nka e le lentswe la batho. Le ile la le nka e le lentswe la Modimo hobane ka nnete ke lona.”

1 Bathesalonika 2:13

“Mangolo ohle a halalelang a tswa ho Modimo. A molemo hobane a a ruta.”

2 Timothea 3:16

“Ha ho mohla boprofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho empa batho ba ile ba bua ditaba tse tswang ho Modimo hobane ba susumetswa ke moya o halalelang.”

2 Petrose 1:21