Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Francesco Carta fotografo/Moment via Getty Images

Bothata bo Ntseng bo Eketseha ba ho Jewa ke Bodutu​—⁠Bibele e Reng ka Taba Ee?

Bothata bo Ntseng bo Eketseha ba ho Jewa ke Bodutu​—⁠Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Ho latela tlaleho ya dipatlisiso tse entsweng dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe, a hoo e ka bang motho a le mong ho ba bane o jewa ke bodutu.

  •   Chido Mpemba, motlatsi wa modulasetulo wa World Health Organization’s Commission on Social Connection o re: “Ho ikarola ho batho ba bang ho ka ama motho e mong le e mong ho sa tsotellehe dilemo tsa hae kapa sebaka seo a phelang ho sona.”

 Ho fapana le seo batho ba bangata ba se dumelang, ho jewa ke bodutu ha ho ame batho ba hodileng dilemong feela. Ho ka ama le batho ba banyenyane, ba phetseng hantle, ba atlehileng le ba lenyalong. Ho ikarola ho batho ba bang le ho jewa ke bodutu ho ka ba kotsi mmeleng ya rona le maikutlong.

  •   Dr. Vivek Murthy, U.S. surgeon general o re: “Ho jewa ke bodutu ha se boikutlo feela bo bohloko”. O boetse o re: “Motho ya jewang ke bodutu o kotsing ya ho shwa jwalo ka motho ya tsubang di cigarette tse 15 ka letsatsi.”

Seo Bibele e se rutang

 Mmopi wa rona ha a batle hore re ikarole ho batho ba bang. Haesale morero ao Modimo e le hore batho ba thabele botswalle bo hahang.

  •   Molaomotheo wa Bibele: “Modimo o re: ‘Ha ho hotle hore monna a be mong.’ ”​—⁠Genese 2:⁠18.

 Modimo o batla hore re be metswalle ya hae. O re tshepisa hore o tla atamela ho rona haeba re etsa boiteko ba ho atamela ho yena.​—⁠Jakobo 4:⁠8.

  •   Molaomotheo wa Bibele: “Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Modimo ka ha Mmuso wa mahodimo ke wa bona.”​—⁠Matheu 5:⁠3.

 Modimo o batla hore re mo rapele re ena le batho ba bang. Sena se re thusa hore re be batho ba thabileng.

  •   Molaomotheo wa Bibele: “A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa dintho tse ntle. Re se ke ra tlohela ho bokana mmoho, . . . empa re kgothatsane.”​—⁠Baheberu 10:​24, 25.

 Ho ithuta dintlha tse eketsehileng ka bohlokwa ba ho lwantsha ho jewa ke bodutu, bala sehlooho se reng “Ho Jeoa ke Bolutu le Hoja ho E-⁠na le Litsela Tse Ngata Tsa Puisano.”

a The Global State of Social Connections, by Meta and Gallup, 2023.