Kosepele ya Matheu 5:1-48

  • THUTO YA THABENG (1-48)

    • Jesu o ruta batho thabeng (1, 2)

    • Ditsela tse robong tsa ho thaba (3-12)

    • Letswai le lesedi (13-16)

    • Jesu o tletse ho phethahatsa Molao (17-20)

    • Keletso mabapi le kgalefo (21-26), bofebe (27-30), tlhalo (31, 32), ho hlapanya (33-37), ho iphetetsa (38-42), ho rata dira (43-48)

5  Ha Jesu a bona letshwele a nyolohela thabeng. Ka mora hore a dule fatshe barutuwa ba hae ba tla ho yena.  A qala ho ruta a re:  “Ho thaba ba hlokomelang hore ba hloka Modimo+ ka ha Mmuso wa mahodimo ke wa bona.  Ho thaba ba utlwileng bohloko ka ha ba tla tshediswa.+  Ho thaba ba bonolo+ ka ha ba tla rua lefatshe.+  Ho thaba ba lapelang le ho nyorelwa+ ho loka ka ha ba tla kgotsofatswa.+  Ho thaba ba mohau+ ka ha ba tla hauhelwa.  Ho thaba ba dipelo di hlwekileng+ ka ha ba tla bona Modimo.  Ho thaba ba bopang kgotso*+ ka ha ba tla bitswa bara ba Modimo. 10  Ho thaba ba hlorisitsweng ka lebaka la ho loka+ ka ha Mmuso wa mahodimo ke wa bona. 11  Ho thaba lona ha batho ba le rohaka,+ ba le hlorisa+ le ho le etselletsa ka ntho e nngwe le e nngwe e mpe ka lebaka la ka.+ 12  Thabang, le tlolatlole ke thabo+ hobane moputso wa lona+ o moholo mahodimong ka ha le nakong e fetileng ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela e tshwanang.+ 13  Le letswai+ la lefatshe empa haeba letswai le tapa, le ka etswang hore le be le tatso hape? Ha le sa na thuso haese hore feela le lahlelwe ka ntle,+ le hatakelwe ke batho. 14  Le lesedi la lefatshe.+ Motse o ke ke wa pateha ha o dutse hodima thaba. 15  Ha batho ba kgantsha lebone ha ba le behe tlasa baskete empa ba le beha hodima tafole ebe le kgantshetsa bohle ka tlung.+ 16  Lesedi la lona le ke le kganyetse batho+ jwalo e le hore ba ka bona mesebetsi ya lona e metle+ mme ba tlotlisa Ntate wa lona ya mahodimong.+ 17  Le se ke la nahana hore ke tletse ho fedisa Molao kapa mantswe a Baprofeta. Ha ke a tlela ho di fedisa empa ke tletse ho di phethahatsa.+ 18  Ka nnete ke re ho lona, le haeba lehodimo le lefatshe di ne di ka timela, ha ho tlhaku le e nngwe e nyenyane ka ho fetisisa kapa letshwao le le leng Molaong le tla timela ho fihlela dintho tsena tsohle di etsahetse.+ 19  Ka hona, mang kapa mang ya tlolang o mong wa melao ena e menyenyane mme a ruta batho ho e tlola, a ke ke a tshwanelwa ke ho kena* Mmusong wa mahodimo. Empa mang kapa mang ya e mamelang le ho e ruta, o tla tshwanelwa ke ho kena* Mmusong wa mahodimo. 20  Ke a le bolella, haeba le sa bontshe hore le lokile* ho feta bangodi le Bafarisi,+ ho hang le ke ke la kena Mmusong wa mahodimo.+ 21  Le utlwile hore ho itswe ho batho ba mehleng ya kgale: ‘O se ke wa bolaya.+ Mang kapa mang ya bolayang o tla ikarabella lekgotleng la toka.’+ 22  Empa ke re ho lona, e mong le e mong ya dulang a halefetse+ ngwanabo o tla ikarabella lekgotleng la boahlodi. Mang kapa mang ya buang mantswe a etsang hore ngwanabo a ikutlwe a se na thuso, o tla ikarabella Lekgotleng le Phahameng ka ho Fetisisa. Athe mang kapa mang ya reng ho e mong: ‘Sehole towe!’ o tla lokelwa ke mollo wa Gehena.*+ 23  Haeba o tlisa mpho ya hao aletareng+ ebe o a hopola hore ho na le ntho eo o kgopisitseng ngwaneno ka yona, 24  o siye mpho ya hao moo ka pela aletare o tsamaye. O bope kgotso le ngwaneno pele ebe ha o kgutlile o nyehela mpho ya hao.+ 25  Potlakela ho lokisa ditaba le moqosi wa hao ha o sa ntse o e na le yena tseleng e yang kgotla e le hore moqosi a se ke a tloha a o isa ho moahlodi, moahlodi a o isa ho mohlanka wa lekgotla yaba o iswa teronkong.+ 26  Ka nnete ke a o jwetsa, o ke ke wa tswa moo ho fihlela o patetse le sente ya ho qetela.* 27  Le utlwile hore ho itswe: ‘O se ke wa feba.’+ 28  Empa ke re ho lona, e mong le e mong ya ntseng a sheba mosadi+ e le hore a be le takatso ya ho etsa thobalano le yena o se a febile le yena ka pelong ya hae.+ 29  Haeba leihlo la hao le letona le etsa hore o etse sebe,* o le honye mme o le lahlele hole le wena.+ Ho molemo hore o lahlehelwe ke setho se le seng ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe Gehena.*+ 30  Hape haeba letsoho la hao le letona le etsa hore o etse sebe,* o le kgaole mme o le lahlele hole le wena.+ Ho molemo hore o lahlehelwe ke setho se le seng ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe Gehena.*+ 31  Ho boetse ho itswe: ‘Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, a mo fe lengolo la tlhalo.’+ 32  Empa ke re ho lona, motho ya hlalang mosadi wa hae empa mosadi a sa etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* o mo beha kotsing ya hore a etse bofebe. Hape mang kapa mang ya nyalang mosadi ya hladilweng ka tsela eo o a feba.+ 33  Hape le utlwile hore ho itswe ho batho ba mehleng ya kgale: ‘O se ke wa hlapanya ebe ha o phethe+ empa o phethe boitlamo boo o bo etseditseng Jehova.’*+ 34  Empa ke re ho lona: Le se ke la hlapanya ho hang,+ le ha e le ka lehodimo hobane ke terone ya Modimo 35  kapa ka lefatshe hobane ke setulwana sa maoto a hae+ kapa ka Jerusalema hobane ke motse wa Morena e moholo.*+ 36  Le se ke la hlapanya ka dihlooho tsa lona hobane le ke ke la fetola qoba le ha e le nngwe ya moriri hore e be putswa kapa e be ntsho. 37  Ha le re le tla etsa ntho, le fele le e etse. Ha le re le ke ke la etsa ntho, le se ke la e etsa*+ hobane ho fetang hoo ho tswa ho Diabolose.*+ 38  Le utlwile hore ho itswe: ‘Leihlo bakeng sa leihlo le leino bakeng sa leino.’+ 39  Empa ke re ho lona: O se ke wa hanyetsa motho ya kgopo empa mang kapa mang ya o otlang lerameng le letona, o mo fe le leng.+ 40  Haeba motho a batla ho o isa kgotla hobane a batla ho inkela seaparo sa hao, o mo tlohele a nke le seaparo sa hao se seng.+ 41  Haeba motho ya nang le bolaodi a o qobella hore o tsamaye le yena khilomithara* e le nngwe, o ye le yena dikhilomithara tse pedi. 42  O fe ya o kopang mme o se ke wa furalla ya batlang hore o mo adime.*+ 43  Le utlwile hore ho itswe: ‘O rate moahisani wa hao+ mme o hloye sera sa hao.’ 44  Empa ke re ho lona: Le nne le rate dira tsa lona+ le ho rapella ba le hlorisang+ 45  e le hore le ka bontsha hore le bana ba Ntate wa lona ya mahodimong+ ka ha o tjhabisetsa batho ba kgopo le ba lokileng letsatsi la hae mme o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula ya hae.+ 46  Le lebeletse ho fumana moputso ofe haeba le rata batho ba le ratang feela?+ Na le babokelli ba lekgetho ha ba etse ntho e tshwanang? 47  Hape haeba le dumedisa bana ba bo lona feela, le etsa ntho efe e mohlolo? Na le batho ba ditjhaba ha ba etse ntho e tshwanang? 48  Ka hoo, le phethahale jwalo ka ha Ntate wa lona ya lehodimong a phethahetse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba nang le kgotso.”
Ka Segerike: “o tla bitswa e monyenyane.”
Ka Segerike: “o tla bitswa e moholo.”
Kapa: “le mamela.”
Sebaka se ka ntle ho Jerusalema moo ho neng ho tjhesetswa dithole. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “kwaterane ya ho qetela.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Segerike: “kgoptjwe.”
Ka Segerike: “kgoptjwe.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
E leng Modimo.
Kapa: “lentswe la lona E le mpe le bolele E, Tjhe ya lona, Tjhe.”
Ka Segerike: “ya kgopo.”
Ka Segerike: “maele.” Sheba Tlhaloso.
E leng ho adima o sa batle tswala.