Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NTLHA YA 6

Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng

Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng

HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG HO BOLELANG?

Batho ba etsang diqeto tse nepahetseng, ba tseba se nepahetseng le se fosahetseng. Ho bona se nepahetseng le se fosahetseng, ha se a itshetleha ka hore na ba ikutlwa jwang ka nako eo. Le ha ho le jwalo, ba tataiswa ke melaomotheo ya Bibele ha ba etsa diqeto, ho sa tsotellehe hore na batho ba a ba bona kapa tjhe.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG?

Ha bana ba shebelletse thelevishene, ba shebile di movie, ba mametse mmino ebile ba bua le batho bao ba kenang sekolo le bona, ba fumana tlhahiso leseding e sa tshwaneng ka ho etsa diqeto tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ka hoo, seo se ka etsa hore ba ipotse hore na seo ba se dumelang ke nnete kapa ke leshano.

Sena se etsahala haholo nakong ya botjha. Buka ya Beyond the Big Talk e re: “Ba lokela ho utlwisisa hore batho ba bang ba tla ba susumelletsa hore ba itshware ka tsela e itseng, e le hore ba amohelehe ho bona. E boetse e re ba lokela ho ithuta ho etsa diqeto tse nepahetseng le ha metswalle ya bona e ke ke ya thabela seo. Ho hlakile hore batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona ho etsa diqeto tse nepahetseng ba sa le banyane.”

KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG?

Ba rute ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: ‘Batho ba hodileng ka ho feletseng . . . matla a bona a ho lemoha a kwetliseditswe ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’​—Baheberu 5:14.

  • Sebedisa mantswe a tla etsa hore ba tsebe phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Etsa sena letsatsi le leng le le leng mme o etse hore ba hlakelwe ka hore o bue mantswe a kang: “Sena ke nnete, sena ke leshano,” “Hona ke botshepehi, hwane ha se botshepehi” le “Hona ke ho bontsha mosa, hwane ha se ho bontsha mosa.” Ha nako entse e ya, ngwana wa hao o tla ithuta hore na keng seo a lokelang ho se etsa le seo a sa lokelang ho se etsa.

  • Ba hlalosetse hore na ke hobaneng ha ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse. Ka mohlala, ba botse dipotso tse kang: Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho bua nnete? Ho bua leshano ho ka senya setswalle sa rona le ba bang jwang? Ke hobaneng ha ho utswa ho fosahetse? Thusa ngwana wa hao hore letswalo la hae le sebetse e le hore a kgone ho etsa diqeto tse nepahetseng.

  • Hlakisa bohlokwa ba hore na ke hobaneng ha a lokela ho etsa diqeto tse nepahetseng. O ka nna wa re: “Haeba o bua nnete, batho ba tla o tshepa,” kapa “Haeba o le mosa, batho ba tla thabela ho ba le wena.”

Etsa bo nnete ba hore lelapa la hao le etsa diqeto tse nepahetseng.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Itekoleng e le lona.” ​—2 Bakorinthe 13:5. BIBELE E HALALELANG.

  • Haeba ke lebelletse hore bana ba latele melao ya ka tlung, ke lokela hore le nna ke e latele, e le hore ka botshepehi nka re:

    • “Lelapeng la rona ha re bue leshano.”

    • “Ha re lwantshane ebile ha re omanyane.”

    • “Ha re hlabane ka mantswe.”

Bana ba hao ba tla tseba hore sena ha se molao feela, empa se tla thusa lelapa hore le hlomphehe.

  • Buisana le bana ba hao ka dintho tse amang lelapa la lona. Ba rute o sebedisa dintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi. O ka bapisa seo o se rutang bana ba hao le seo ba se rutwang sekolong kapa seo ba se shebellang thelevisheneng Botsa ngwana wa hao dipotso tse kang: “O ne o ka etsang boemong bona?” “Lelapa la rona le ka be le sebetsane le boemo boo jwang?”

Ba thuse hore ba se ke ba tshaba ho etsa se nepahetseng.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ebang le letswalo le molemo.”​—1 Petrose 3:16.

  • Ba babatse ha ba entse se setle. Ha ngwana wa hao a entse se nepahetseng, mo bolelle hore o motlotlo ka yena ka hore ebe o kgethile ho etsa se nepahetseng. Ka mohlala, o ka re ho yena: “Ke motlotlo ka wena ka hore ebe o buile nnete.” Haeba ngwana wa hao a o bolella hore o entse ntho e fosahetseng, ka boikokobetso mo lebohe ka hore ebe o buile nnete, pele o ka mo kgalemela.

  • Mo kgalemele ha a entse ntho e fosahetseng. Thusa ngwana wa hao hore a amohele phoso eo a e entseng. Bana ba lokela ho bolellwa ha ba entse diphoso mme ba tsebe hore ha ba lokela ho etsa se fapaneng le seo ba se rutilweng ka tlung. Batswadi ba bang ha ba kgalemele bana ba bona ha ba entse diphoso hobane ba nahana hore seo se tla ba nyahamisa, empa ho kgalemela ngwana ha a entse phoso ho tla mo thusa ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.