Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NTLHA YA 1

Melemo ya ho ba le Boitshwaro

Melemo ya ho ba le Boitshwaro

HO BA LE BOITSHWARO HO BOLELANG?

Ho ba le boitshwaro ho akarelletsa

  • Ho ba le mamello

  • Ho hlompha qeto e entsweng

  • Ho qeta mesebetsi eo o e fuweng

  • Ho nahanela batho ba bang

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HO BA LE BOITSHWARO?

Bana ba nang le boitshwaro, ba kgona ho hanela diteko le ha ho ka bonahala eka di ka ba thabisa. Ho fapana le hoo, bana ba se nang boitshwaro

  • Ba halefa ka pele

  • Ba na le kgatello ya maikutlo

  • Ba a tsuba, ba sebedisa dithethefatsi ebile ba nwa jwala haholo

  • Ha ba je dijo tse nang le phepo e ntle

Thuto e nngwe e bontsha hore bana ba nang le boitshwaro, ha e se e le batho ba baholo, ha ba be le mathata a ditjhelete, ba sebedisana le molao mme ha se hangata o ka ba fumanang ba kula. Thuto eo e ile ya etsa hore Moprofesa Angela Duckworth wa Yunivesithi ya Pennsylvania a qetelle a buile mantswe a reng: “Ho ba le boitshwaro ha hona moedi.”

KE JWANG O KA RUTANG BANA HORE BA BE LE BOITSHWARO?

Ithute hore tjhe ya hao e be tjhe.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Lentswe la lona E le mpe le bolele E, Tjhe ya lona, Tjhe.”​—Matheu 5:37.

Hangata bana ha ba batla ntho e itseng ba a lla, mme ha ba hlokomela hore batswadi ba bona ba dula ba ba fa ntho eo ba e batlang haeba ba lla, ba tlo dula ba etsa jwalo, e le hore feela ba fumane seo ba se batlang.

Ka lehlakoreng le leng, haeba tjhe ya motswadi e bolela tjhe, seo se etsa hore bana ba tsebe hore ha se ka mehla ba ka fumanang seo ba se batlang. Dr. David Walsh o re: “Ho ba le boitshwaro ho etsa hore motho a thabe. Re tla be re sa etsetse bana ba rona se molemo haeba re ba fa ntho e nngwe le e nngwe eo ba e batlang.” *

Haeba ha o fe ngwana wa hao ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang, seo se tla mo thusa hore le ha a se a hodile a kgone ho hanela diteko, tse kang ho sebedisa dithethefatsi, ho etsa thobalano pele ho lenyalo kapa ho ntsha wena kapa batho ba bang kotsi.

Thusa bana ba hao ho utlwisisa ditlamorao tsa dintho tse mpe le tse ntle tseo ba di etsang.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Etswe le ha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”​—Bagalata 6:7.

Ngwana wa hao o lokela ho tseba hore diketso tsa hae di tla ba le ditlamorao, mme haeba a se na boitshwaro, o tla kgola ditholwana tse babang. Ka mohlala, haeba ngwana wa hao o kwata ka pele, batho ba bang ba ka nna ba qoba ho ba haufi le yena. Ka lehlakoreng le leng, haeba a na le mamello mme a kgona ho itshwara ha a utlwisitswe bohloko, batho ba tla mo rata. Thusa ngwana wa hao ho utlwisisa hore o tla etsahallwa ke dintho tse ntle haeba a na le boitshwaro bophelong.

Ruta ngwana wa hao ho tseba dintho tsa bohlokwa

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

Ho ba le boitshwaro ho re thusa hore re seke ra etsa dintho tse fosahetseng, ebile ho boetse ho re thusa ho etsa dintho tseo re lokelang ho di etsa le hoja re sa di thabele. Ke ha bohlokwa hore ngwana wa hao a tsebe ho etsa dintho tse tlang pele bophelong mme a dule a di etsa. Ka mohlala, o lokela ho etsa mosebetsi wa sekolo pele a ka bapala.

Behela bana ba hao mohlala o motle.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ke le behetse mohlala, e le hore feela jwalo ka ha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tshwanang.”​—Johanne 13:15.

Ngwana wa hao o tla bona hore na o itshwara jwang ha ho na le ntho e o kgopisitseng. Bontsha ka diketso hore ho itshwara hantle ho na le ditlamorao tse ntle. Ka mohlala, ha ngwana wa hao a entse ntho e mpe, na wa halefa kapa o bua le yena o kgobile matshwafo?

^ par. 20 Mantswe ana a tswa bukeng ya, No: Why Kids​—⁠of All Ages​—⁠Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.