Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo ba Lelapa le Metswalle

Bophelo ba Lelapa le Metswalle

Ho ba thata ho batho ba bang hore ba be le setswalle se setle le ba lelapa le metswalle. Ela hloko melaomotheo ya Bibele e ka o thusang hore o be le setswalle se setle le ba bang.

NAHANELA BATHO BA BANG

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le sa hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:4.

SEO E SE BOLELANG: Ho ba le setswalle se setle ho bolela hore o lokela ho etsetsa batho ba bang dintho tse molemo ho e na le ho lebella hore ba o etsetse seo pele. Haeba o sa nahanele batho ba bang, seo se ka senya setswalle sa hao le bona. Ka mohlala, haeba motho a sa nahanele molekane wa hae, a ka qetella a se a sa mo tshepahalle. Ho ekelletsa moo, ha ho na motho ya batlang ho ba motswalle wa motho ya dulang a ithorisa ka dintho tseo a nang le tsona kapa tseo a di tsebang. Buka ya The Road to Character e re, “batho ba inahanang bo bona feela ba na le mathata a mangata.”

SEO O KA SE ETSANG:

  • Thusa batho ba bang. Metswalle e molemo e ya tshepana ebile e dula e ikemiseditse ho thusana. Thuto e nngwe e bontsha hore batho ba ratang ho thusa batho ba bang, ha se hangata ba bang le kgatello ya maikutlo mme seo se etsa hore ba itshepe haholwanyane.

  • Bontsha qenehelo. Ho bontsha qenehelo ho akarelletsa ho utlwa bohloko boo motho e mong a bo utlwang. Haeba o bontsha qenehelo o ke ke wa sebedisa mantswe a phoqang le a ka utlwisang motho e mong bohloko ka boomo.

    Haeba o bontsha qenehelo o tla kgona ho mamella batho ba bang. Ka tsela e na, ho ba le qenehelo ho tla o thusa hore o hloke kgethollo mme seo se tla etsa hore o be le metswalle ya ditso tse sa tshwaneng le maemo a fapaneng.

  • Qeta nako le batho ba bang. Hao qeta nako o na le batho ba bang seo se tla o fa monyetla wa hore o ba tsebe haholwanyane. Haeba o batla ho ba le motswalle wa nnete o lokela ho bua ka dintho tsa bohlokwa ho bona le tseo ba tshwenyehileng ka tsona. Ka hoo o ba mamele ha ba bua. Bontsha hore o tshwenyehile ka mathata a bona. Thuto e nngwe e bontsha hore “puisano e molemo e ka etsa hore batho ba bang ba thabe.”

KGETHA METSWALLE KA HLOKO

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”​—1 Bakorinthe 15:33.

SEO E SE BOLELANG: Batho bao o tlwaelanang le bona ba ka o susumetsa ka tsela e ntle kapa e mpe. Batho ba ithutang tsela eo batho ba etsang dintho ka eona, ba re motswalle wa motho a ka ba le tshusumetso e kgolo bophelong ba hae. Ka mohlala, ba re haeba o tlwaelane le batho ba tsubang kapa ba hlalaneng le balekane ba bona, le wena o tla qetella o tsuba kapa o hlalane le molekane wa hao.

SEO O KA SE ETSANG: Etsa botswalle le batho ba nang le makgabane a matle ao o batlang ho a etsisa. Ka mohlala,o ka tlwaelana le batho ba bohlale, ba fanang, ba hlomphang le ba ratang ho amohela baeti.

MELAOMOTHEO E MENG YA BIBELE

Shebella divideo tse thehilweng Bibeleng tse etseditsweng ho thusa banyalani, batjha le bana hore ba phedisane hantle ka lapeng

QOBA MANTSWE A HLABANG.

“Ho na le ya buang a sa nahane jwalo ka ha e ka ke ka ho hlaba ha sabole.”​—LIPROVERBIA 12:18.

E BA MOTHO YA FANANG.

‘[Motho] ya fanang ka seatla se bulehileng o tla nona.’​—LIPROVERBIA 11:25.

ETSA BATHO SEO O BATLANG BA O ETSE SONA.

“Ka hona, dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tshwanang le ba etse tsona.”​—MATHEU 7:12.