Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ya Kgale e Molemo le Kajeno

Buka ya Kgale e Molemo le Kajeno

Batho ba bangata ba re Bibele ke buka e halalelang. Empa Bibele ha se buka e halalelang feela, e boetse e re bolella hore re lokela ho sebeletsa Modimo jwang. Hape e na le dikeletso tse ngata tse ka re thusang letsatsi le letsatsi.

Ka mohlala, hlokomela ka moo batho ba bang ba ileng ba fumana molemo ka teng ha ba bala Bibele mme ba sebedisa seo ba ithutang sona.

Fiona o re: “Bophelo ba ka bo se bo fetohile. Tsela eo ke nahanang le eo ke etsang dintho ka yona e se e fetohile. Hona jwale ke se ke thabile.”

Gnitko o re: “Ho ithuta Bibele ho nthusitse hore ke tsebe hore na ke phelelang.”

Andrew yena o re: “Bibele e fetotse bophelo ba ka. Hona jwale ke se ke phela bophelo bo itekanetseng mme ke qeta nako e ngata ke na le lelapa la ka.”

Ho na le dipale tsa bophelo tse ngata tse bontshang hore Bibele e fetola bophelo ba batho. Batho ba bangata lefatsheng lohle, ba hlokometse hore ho sebedisa dikeletso tse tswang Bibeleng ho ka re thusa bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi.

A re ke re hlahlobeng hore na Bibele e ka thusa batho jwang dikarolong tsena. . .

  • Bophelo bo botle

  • Laola kgalefo ya hao

  • Bophelo ba lelapa le metswalle

  • Ho sebedisa tjhelete hantle

  • Kamano ya hao le Modimo

Dihlooho tse latelang di tla re thusa ho bona ka moo Bibele e seng buka feela empa e le buka etswang ho Modimo, e ka o tswelang molemo bophelong ba letsatsi le letsatsi.