Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Tšepo Bakeng sa ba se Nang Bolulo le ba Futsanehileng

Tšepo Bakeng sa ba se Nang Bolulo le ba Futsanehileng

Joe e bile lesole la United States ka nako e telele. Mathata a hae le a lelapa a mo siile a se na bolulo ka lilemo tse 18. Ka selemo se seng o ile a ea laebraring e ’ngoe motseng oa habo, moo ka linako tse ling a neng a buisana le ’mè ea sebetsang laebraring eo. Ho buisana le ’mè eo ho ile ha fetola bophelo ba hae.

Martín e leng mohlankana ea lulang Argentina, o ne a ikutloa a se na kamano le Molimo. O ne a bona eka bophelo ba hae ha bo na morero. O ile a tloha habo ’me a ea phela leoatleng e le ha a ntse a batla morero oa bophelo. Empa ho e-na le hore a fumane likarabo tsa lipotso tsa hae, o ile a ikutloa a tetebetse. A rapela Molimo a ntse a lla ’me a re: “Haeba u teng, ke kōpa u nthuse ke u fumane.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore a rapele? Re tla utloa.

BATHO ha ba na bolulo ka mabaka a fapaneng. Ba bang joaloka Joe, ba ’nile ba tobana le mathata bophelong. Ba bang joaloka Martín, ba khaotsa ho phela bophelo boo ho thoeng bo tloaelehile, kaha ba utloa bo se na morero. Empa ba bang ha ba na bolulo ka lebaka la bofutsana, likoluoa tsa tlhaho, ho hlekefetsoa ke balekane, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi, bokuli ba kelello, ho se be le chelete e lekaneng ea ho reka ntlo kapa ho felloa ke mosebetsi.

Setsebi se seng sa mafu a kelello e leng Paul Toro, se re: “Le hoja pele batho ba ne ba nka hore batho ba linaheng tse futsanehileng kapa tse anngoeng ke ntoa kapa ho putlama ha moruo ke bona feela ba hlokang bolulo, hona joale ke kobo-anela.” * Sena se ka ’na sa bakoa ke maano a ’muso a ho thusa malapa a fumanang chelete e nyenyane le hore batho ba futsanehileng ba tsoela pele ho futsaneha, ha ba ruileng ba tsoela pele ho rua.

Batho ba bangata ba tšoenyehile ka bokamoso. Leha ho le joalo, ba bang ba fokolitse ho tšoenyeha ka bokamoso ka hore ba ithute seo Bibele e se buang, e leng sehlooho seo re tla se tšohla hamorao. Bibele e ka boela ea re thusa hona joale ka ho re fa melao-motheo eo re ka phelang ka eona, e tla re thusa ho sebelisa chelete ka bohlale le ho etsa hore re thabe, e leng se thusitseng Joe le Martín.

BIBELE E FETOTSE BOPHELO BA HAE

Cindi eo hangata a neng a bona Joe laebraring eo a sebetsang ho eona o ile a re: “Joe o ne a bonahala e le motho ea bohlale, ea itšoereng hantle ea bileng a ikokobelitseng.” Kaha Cindi ke Paki ea Jehova, o ile a mo fa makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha!, a ba a mo memela libokeng tsa Bokreste. Joe o ile a amoheloa ka mofuthu libokeng ’me a qala ho tla kamehla. O ile a boela a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ke e mong oa banna ba phutheho.

Ho ithuta Bibele ho thusitse Joe hore a boele a itlhomphe

Joe o ile a tšelisoa ke seo a ithutileng sona Bibeleng, a qala ho se sebelisa ’me a fetola bophelo ba hae. Ka mohlala, o ile a ithuta hore bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo ’me bo lokela ho hlomphuoa, le hore ho tsuba ho silafatsa ’mele. (Pesaleme ea 36:9) Kahoo, o ile a khaotsa ho tsuba, e leng se lumellanang le molao-motheo o ho 2 Bakorinthe 7:1 o reng: “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama.” Qeto eo Joe a ileng a etsa ha ea ka ea boloka bophelo ba hae feela empa e ile ea boela ea mo bolokela chelete.

Ka mor’a hore a nahanisise ka keletso ea Bibele ea hore re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho itšebeletsa, Joe o ile a qala ho batla mosebetsi. * (1 Bathesalonika 4:11, 12) Moeklesia 2:24 e re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” Thabo eo e tlisoa ke boitlhompho kaha ho sebetsa ka thata ho etsa hore motho a hlomphuoe. Ho boetse ho re nolofalletsa ho thusa batho ba hlokang.—Baefese 4:28.

Cindi o re ha phutheho e hlokomela hore Joe o phelela seo a ithutang sona, “e ile ea mo amohela ’me ba bang ba mo thusa hore a fumane ntlo e loketseng esita le lintho tse ling tseo a nang le tokelo ea ho li fumana.” Joe o ile a tsoela pele hantle eaba ka mor’a nako oa kolobetsoa ’me e ba Paki ea Jehova. O khothalletsa ba bang hore le bona ba batle bohlale ba Molimo bo fumanoang ka Bibeleng.—Liproverbia 3:13, 14.

O FUMANE MORERO OA BOPHELO

Martín o ile a qala ho batla ho tseba hore na batho ba phelela’ng ha a le lilemo li 20. O re: “Ke ile ka etsa lipatlisiso ka bolumeli le bo-rafilosofi eaba ke sebelisa lithethefatsi ka tšepo ea hore ke tla thaba, empa seo ha sea ka sa etsahala.” O ile a e’a lula California, U.S.A. ka nakoana eaba o fallela Hawaii. O re: “Ke ne ke nahana hore ke fumane paradeise.” Leha ho le joalo, botle ba sebaka seo ha boa ka ba etsa hore a thabe. O re: “Ke ile ka tetebela habohloko maikutlong hoo ke neng ke batla ho ipolaea.” Ke ka eona nako eo a ileng a lla habohloko ’me a kōpa Molimo a re: “Haeba u teng, ke kōpa u nthuse ke u fumane.”

Hona joale Martín o thabela bophelo

Martín o ile a hopola hore pejana o ile a bona boto e ngotsoeng “Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova.” O ile a etsa qeto ea hore a ee libokeng tsa Bokreste tse tšoareloang moo. O re: “Ke ile ka kena ke le moriri o molelele, ke hlahlabalitse litelu, ke bile ke apere liaparo tseo esale ke li apara likhoeling tse ngata tse fetileng. Leha ho le joalo, ke ile ka amoheloa ka mofuthu.” Martín o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele, ’me kamehla a tloha lebōpong la leoatle moo a neng lulang teng ho ea toropong e le hore a khanneloe thuto.

Qetellong Martín o ile a fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tseo a neng a ipotsa tsona. Kahoo, boloetse ba hae ba ho imeloa kelellong bo ile ba kokobela ’me a fumana thabo eo Jesu a neng a bua ka eona ha a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

“Batho ba ile ba makala ha ba bona liphetoho tseo ke li etsang”

Pono ea Martín ka bophelo e ile ea hlaka ha a sebelisa melao-motheo ea Bibele e thusitseng Joe eo ho buuoeng ka eena pejana, hore a boele a laole bophelo ba hae. Martín o ile a qala ho itlhokomela ’meleng eaba Lipaki li mo thusa hore a fumane mosebetsi le bolulo. O re: “Pele ke ne ke tsejoa ke le motho ea se nang bolulo empa hona joale batho ba motseng oa ka ba ile ba makala ha ba bona liphetoho tseo ke li etsang.”

Hamorao, Martín o ile a khutlela Argentina, eaba oa kolobetsoa ’me e ba Paki ea Jehova. Hona joale o nka e le tokelo ho thusa batho ba lapileng moeeng hore ba fumane likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong.

HO HLOKA BOLULO LE BOFUTSANA HO TLA FELA

Mohlanka oa Molimo oa mehleng ea boholo-holo ea bitsoang Jeremia, o ne a phela linakong tse thata. Sera se sehlōhō se ile sa futuhela motse oa habo eaba se nka baahi ’me se ba isa kholehong. (Lillo Tsa Jeremia 1:3) Le hoja a ile a sala, Jeremia o ile a lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e-na le eona. O ile a rapela a utloile bohloko ’me a re: “Hopola mahloreho a ka le boemo ba ka ba ho hloka lehae.”—Lillo Tsa Jeremia 3:19.

Ho sa tsotellehe mahlomola a hae, Jeremia ha aa ka a felloa ke tšepo. Hobane’ng? Lebaka la pele ke hore o ne a tseba hore Jehova a ke ke a mo lahla. (Jeremia 1:8) La bobeli ke hore o ne a ithuta Mangolo, a bontšang hore ho na le nako eo ka eona bofutsana le ho utloa bohloko li tla fela ’me li nkeloe sebaka ke khotso ea sebele le tšireletseho.—Pesaleme ea 37:10, 11.

Nako eo e tla fela e be teng, e ke ke ea tlisoa ke motho, empa e tla tlisoa ke puso e phethahetseng e leng ’Muso oa Molimo. (Daniele 7:13, 14) Morena oa ’Muso oo ke Jesu Kreste, eo ha a ne a le lefatšeng a neng a utloela mafutsana bohloko. (Luka 7:22; 14:13) Pusong ea hae, “ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata. . . O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:7, 12, 14.

“Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona.”—Esaia 65:21

Jesu o ne a ruta haholo ka ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43) O ile a ba a ruta batho hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Bophelo bo tla ba joang lefatšeng nakong eo ’Muso oa Molimo o busang? Bibele e re bolella lintlha tse thabisang ka bona. Ka mohlala, ha e bua ka bafo ba ’Muso oa Molimo e re:

  • “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. . . . Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.”—Esaia 65:21, 22.

  • “E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”—Mikea 4:4.

Litšepiso tseo tse tiileng li ka re fa matla linakong tse thata. Melao-motheo ea Bibele e ka boela ea re thusa hore re phele ka tsela e nang le morero le e thabisang esita le hona joale joalokaha Joe, Martín le ba bang ba bangata ba hlokometse. Ka sebele ’Mōpi oa rōna e leng Jehova Molimo, o re fa tšepiso ena: “Ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.” (Liproverbia 1:33) E se eka mantsoe ao e ka ba a sebele bophelong ba hao!

^ ser. 6 Batho ba limilione ba qobelleha ho tloha mahaeng a bona ka lebaka la likhohlano, lintoa kapa mahloriso ’me e e-ba baphaphathehi. Ho ile ha buuoa ka bothata bona Tsoheng! ea January 22, 2002.

^ ser. 11 Le hoja batho ba bang ba batla ho sebetsa, ba sitisoa ke ho qhoala, ho kula kapa botsofali. Molimo ha a amohele ‘mang kapa mang ea sa batleng ho sebetsa.’—2 Bathesalonika 3:10.