Buka ya Bobedi ya Samuele 1:1-27

  • Davida o tsebiswa hore Saule o shwele (1-16)

  • Davida o binela Saule le Jonathane kodiyamalla (17-27)

1  Ka mora lefu la Saule ha Davida a tswa hlola* Baamaleke, o ile a dula Ziklage+ matsatsi a mabedi.  Ka letsatsi la boraro, ha tla mohlankana e mong ya tswang ho Saule ntweng, diaparo tsa hae di tabohile ebile a le mobu hloohong. Ha a atamela ho Davida, a kgumama yaba o inamela fatshe.  Davida a re ho yena: “O tswa hokae?” Mohlankana eo a re: “Ke phonyohile masoleng a Iseraele.”  Davida a re ho yena: “Ke kopa o mpolelle hore na ho etsahetseng.” Yaba mohlankana eo o re: “Batho ba balehile ntweng mme batho ba bangata ba shwele. Esita le Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele.”+  Davida a botsa mohlankana eo ya neng a mo tliseditse ditaba a re: “O tseba jwang hore Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?”  Mohlankana eo a re: “Ha ke le Thabeng ya Gilboa,+ ka tshohanyetso ke ile ka bona Saule a itshetlehile ka lerumo la hae mme dikariki tsa ntwa le bapalami ba dipere ba ne ba se ba mo fumane.+  Ha a hetla mme a mpona, o ile a mpitsa mme ka re, ‘Ke nna enwa.’  A re ho nna, ‘O mang?’ Yaba ke re ho yena, ‘Ke Moamaleke.’+  Saule a re, ‘Ke kopa o eme hodima ka mme o mpolaye ka ha ke a opelwa hobane ke ntse ke phela.’ 10  Ka hoo, ke ile ka ema hodima hae mme ka mo bolaya+ hobane ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a phela ka mora hore a wele fatshe a lemetse hakaalo. Yaba ke nka korone e neng e le hloohong ya hae le sefaha se neng se le letsohong la hae mme ka di tlisa mona ho wena morenaka.” 11  Yaba Davida o tabola diaparo tsa hae mme le banna bohle ba neng ba ena le yena ba tabola tsa bona. 12  Ba ile ba lla ha bohloko mme ba itima dijo+ ho fihlela mantsiboya. Ba ne ba llela Saule, mora wa hae Jonathane le setjhaba sa Jehova e leng Baiseraele ba bangata+ hobane ba ne ba bolailwe ka sabole. 13  Davida a botsa mohlankana eo ya neng a mo tliseditse ditaba a re: “O tswa hokae?” A re: “Ke mora wa moditjhaba, Moamaleke.” 14  Yaba Davida o re ho yena: “Ke hobaneng ha o sa ka wa tshaba ho bolaya motlotsuwa wa Jehova?”+ 15  Davida a bitsa e mong wa bahlanka ba hae a re: “Atamela mme o mo hlabe.” Ka hoo, a mo hlaba mme a shwa.+ 16  Davida o ne a itse ho yena: “O tla ikarabella bakeng sa lefu la hao hobane o fane ka bopaki ka molomo wa hao wa re, ‘Ke nna ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.’”+ 17  Yaba Davida o bina pina ena ya kodiyamalla* ka lebaka la Saule le mora wa hae Jonathane+ 18  mme a re setjhaba sa Juda se rutwe pina eo e bitswang “Seqha” e ngotsweng bukeng ya Jashare:+ 19  “Wena Iseraele, botle bo bolailwe hodima dibaka tsa hao tse phahameng.+ Bona ka moo ho shweleng banna ba matla ka teng! 20  Le se ke la bolela sena Gathe,+Le se ke la se bolela diterateng tsa AshkeloneKa ha baradi ba Bafilista ba tla thabaLe baradi ba banna ba sa bollang ba nyakalle. 21  Lona dithaba tsa Gilboa,+Ho se ke ha eba le phoka kapa pula hodima lona,Ho se ke ha eba le masimo a hlahisang menehelo e halalelang+Hobane thebe ya ba matla e ile ya silafatswa moo,Thebe ya Saule ha e sa tlotsitswe ka oli. 22  Seqha sa Jonathane ha se a ka sa kgutla+ mading a ba bolailwengLe mafureng a ba matlaLe sabole ya Saule e ne e sa kgutle e sa atleha.+ 23  Saule le Jonathane+ ba ne ba ratwa haholo ha ba ntse ba phelaLe lefung la bona ha ba a ka ba arohanngwa.+ Ba ne ba le lebelo ho feta dintsu,+Ba le matla ho feta ditau.+ 24  Lona baradi ba Iseraele, llelang Saule,Ya ileng a le apesa diaparo tse kgubedu* le tse nang le mokgabiso,Ya ileng a beha mekgabiso ya kgauta hodima diaparo tsa lona. 25  Bona ka moo ho bolailweng banna ba matla ka teng ntweng! Jonathane o bolaetswe dibakeng tsa hao tse phahameng.+ 26  Ke utlwile bohloko haholo ka lebaka la hao Jonathane ngwaneso,Ke ne ke o rata haholo.+ Lerato leo o neng o nthata ka lona, le ne le feta lerato la basadi.+ 27  Bona ka moo ba matla ba bolailweng ka tengLe ka moo dibetsa tsa ntwa di senyehileng ka teng!”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “bolaya.”
Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Kapa: “mmala o sekareleta.”